<Doc01>
Boeletsi ba Tshireletso ya Phedisano ya Afrika Borwa
Tokomane ya Tlhokomelo ya Moreki
O a amohelwa Tokomaneng ya rona ya Moreki
Re batla hore wena moreki wa rona o re ahlole ho ya ka tshebeletso eo re e totobatsang tokomaneng ena.
Re tla o hlompha mme re o fe tshebeletso e tswileng ka mahetla ho latela ditheo tsa BATHO PELE.
Re itlama e le karolo ya boikarabelo ba rona ho fana ka tshebeletso e tswileng ka mahetla, re o fe lesedi le tsepameng, keletso mabapi le ditshebeletso tsohle tsa rona.
Sepheo sa Tokomane
Tokomane ena e o bolella ka maemo a tshebeletso eo o ka e lebellang ho tswa ho Boeletsi ba Tshireletso ya Phedisano ya Afrika Borwa (SASSA).
SASSA ke katoloso ya lekala la phano ya ditshebeletso le sebetsanang le phano ya dithuso ho baahi ba Afrika Borwa.
Re a itlama
Ho fana ka ditshebeletso tsa tshireletso ka tsela e loketseng mme o sebedisa mekgwa e tswileng ka mahetla. 
Seo o ka se lebellang ho tswa ho rona
Ntshetsopele le tshireletso ya seriti sa botho, Boitshepo, Seriti, Tlhokeho ya Leeme, Ponaletso le Toka.
Ho ya ka Boeletsi ba Tshireletso ya Phedisano ya Afrika Borwa, 
Re tla o fa lesedi le keletso ka dithuso tsa ditjhelete tseo o ka di kopang.
Re tla o fetisetsa mafapheng a mang a ka shebanang le ditlhoko tsa hao.
Re tla o thusa ho tlatsa diforomo tsa rona mme o etse kopo ya thuso.
Re tla boloka lesedi leo o fanang ka lona e le lekunutu.
Ka mehla o phahamise Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, melao e sebetsanang le ditshebeletso tsa setjhaba le khoutu ya boitshwaro ya ditshebeletso tsa setjhaba
Re o thuse ka puo ya kgetho ya hao.
Re sebetse mmoho le batho bao re ba thusang le bankakarolo ba bang.
Re tsitlallele ntlafatso e tswellang ya phano ya ditshebeletso e le hore re fihlelle ditebello tsa hao
Ha o ikopanya le rona
Nako le nako ka bowena, ka mohala, lengolo kapa emeile, tse latelang di tla etsahala:
Mosebeletsi wa ditshebeletso tsa bareki eo o sebetsang le yena, o tla itsebisa.
Mabapi le ditletlebo tsa hao, re tla di rarolla ka potlako.
Haeba re ke ke ra di rarolla ka potlako, re tla fana ka mabaka mme re tsebise moreki hore na a ka lebella karabo neng.
Re tla o fa nomoro ya tshupiso ho o kgontsha ho latella patlisiso ya hao
Re tla ananela phumano ya dipuisano tsa mofuta ofe kapa ofe oo o o  romelang, mme re tla sebetsana le tletlebo nakong ya matsatsi a tshebetso a 7.
Haeba re ka hloleha ho o araba nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso, re tla o bolella hore na hobaneng le hore o ka lebella karabo neng.
Re tla leka ho rarolla tletlebo nakong ya matsatsi a tshebetso a 21.
Ha o re founela, re ikemiseditse ho araba mohala wa hao ka potlako kamoo re ka kgonang ka puo ya semmuso ya hao.
Re tla buisana le wena ka qeto e nngwe le e nngwe ka thuso ya hao ka ho o ngolla
Diofising tsa SASSA
Ha o fihla ho e nngwe ya diofisi tsa rona, tafole ya rona ya thuso e tla o thusa hanghang.
Diofisi tsa rona kaofela di bula ho tloha ka 08h00 ho fihlela ka 16h30, Mantaha ho fihlela ka Labone le ho tloha ka 08h00 ho fihlela ka 16h00 ka Labohlano.
Diofising tsa rona le dibaka tsa ho lefa o tla kgona ho fumana tse latelang:
Boinotshi
Dibaka tseo o ka dulang ho tsona ha o ntse o emetse ho thuswa
Matlwana a ho ithusetsa
Dithuso tsa bongaka ha re tsebisitswe ka nako ka tlhokeho e tjena
Re tla tla ho wena haeba ka mabaka a amanang le tsa bongaka ha o kgone ho tla ofising tsa rona.
O ka re founela mme re tla hlophisa ho o etela lapeng.
Ho sebetsana le kopo ya hao ya thuso ya setjhaba
Re qala ho sebetsana le kopo ya hao tsatsing lona leo.
Re tlameha ho netefatsa hore ho ya ka molao o lokelwa ke kopo ya thuso.
Re ipehetse mekolokotwane ho sebetsana le kopo ya hao le ho lefa thuso ya hao nakong ya matsatsi a 90.
Re tla o eletsa ka tokelo ya hao ho ipiletsa haeba kopo ya hao e sa amohelwa, ditiehiso le ditlhakolo
Ho etswa ha diqeto.
Haeba re etsa qeto mabapi le kopo ya hao ya thuso mme o nahana hore e fosahetse, kapa o batla lesedi le leng ka qeto e entsweng, o ka etsa tse latelang:
Re kope ho hlalosa qeto ka bobatsi mme re tla sebetsa mmoho le wena mabapi le kopo ya hao.
O ka ipiletsa kgahlanong le qeto ya rona nakong ya matsatsi a 30 ho latela  letsatsi la lengolo la qeto.
O ka kgona ho bona faele ya hao mabapi le lesedi lefe kapa lefe leo o ka le hlokang.
Boikarabelo ba hao e tla ba
Ho re fa:
Aterese ya hao ya poso le ya bodulo.
Diphetoho maemong a hao a letseno, aterese, maemo a tsa bophelo bo botle jj.
Lesedi le tshepehang, le nang le nnete, le tsepameng le le feletseng kapa tlhaloso ka nako tsohle.
Karabelo ya ka nako dikgokahanong tsohle tsa rona ho kenyeletswa ditlhahlobo botjha kapa lesedi lefe kapa lefe le kopuwang ho wena.
Na ha o a kgotsofala ke ditshebeletso tsa rona?
Ha o sa kgotsofala ka ditshebeletso tsa rona hobane:
Re nkile nako e telele ho sebetsana le thuso ya hao le/kapa ha o a fumana tefo ya hao ka nako.
Boitshwaro ba mosebeletsi wa rona bo ne bo sa kgotsofatse.
Basebeletsi ba rona ba entse phoso kopong ya hao kapa  ba o file keletso e fosahetseng.
Phoso ya mofuta ofe kapa ofe e rerilweng kapa e sa rerwang
Re bolelle ka seo mme re tla lokisa phoso efe kapa efe eo re e entseng hanghang.
Ha o batla ho tletleba, re ngolle kapa o re founele mme o kope ho fetisetswa yuniting ya rona ya tlhokomelo ya bareki.
Re tla o hlalosetsa ditshebeletso tsa rona
Re na le thahasello maikutlong a hao mabapi le ditshebeletso tsa rona.
Re tla sebedisa lesedi leo o re fileng lona ho matlafatsa ditshebeletso tsa rona.
Re romelle maikutlo o sebedisa mefuta efe kapa efe ho ena e latelang e ka tlase:
Letsetsa setsi sa rona sa mehala ya mahala e leng 0800 601 011.
Tlatsa karete ya moreki ya ditlhahiso e fumanehang diofising tsa rona le dibakeng tsa tefo.
Hlwela webosaete ya rona www.sassa.gov.za
Hlwela se seng le se seng feela sa dibaka tsa rona tsa kopano.
(Dibaka tsa tefo tsa setereke, tsa selehae, tsa ditshebeletso le tsa tefo)
Nehelana ka tsebiso e ngotsweng diofising dife kapa dife tsa rona.
Dipotso le ditlhahiso ka tjhata ena.
Haeba o hloka lesedi le leng ka tjhata, letsetsa e nngwe ya diofisi tsa rona.
O ka fumana tjhata ka Boreile, odiotheipe le CD, haeba o kopa.
Tokomane ena e tla qala ka 01/04/2007 mme e tla lekolwa botjha selemo le selemo ho kenyeletsa ditlhahiso tsa hao.
<Doc02>
Dipalopalo Afrika Borwa - Ditaba
Ka hara Dipalopalo: Bohlokwa ba dipalopalo bo tla eketseha ha demokrasi e ntse e matlafala
Atikele ena sethathong e ile ya phatlalatswa ho Business Report ka 05 Phato 2004
Bekeng e fetileng ke ne ke ile kopanong ya boto ya keletso ya lebatowa ya Setsha sa Thupelo sa Dipalopalo sa Afrika Botjhabela Tanzania, moo ke ileng ka ba le monyetla wa ho ba karolo ya mokete wa dikapeso tsa bo39 tsa selemo le selemo, moo basebetsi ba bahlano ba Dipalopalo Afrika Borwa ba bileng le seabo.
Thupelo ya basebetsi ba Dipalopalo Afrika Borwa ke maikutlo a seo mokgatlo o leng sona.
Kapejana hoba ke hirwe jwaloka Radipalopalo – Kakanyetso ho Dipalopalo Afrika Borwa, ka tshebedisano le Lekgotla la Dipalopalo, ke ile ka thakgola letsholo le potlakileng la ditsha tse fanang ka thupelo e tshwanetseng mabapi le dipalo tsa semmuso.
Re ile ra hlwaya ditsha tse pedi: setsi sa thupello Dar es Salaam, Tanzania le institjhute ya Dipalopalo le Thuto ya Moruo ya Tshebetso Uganda.
Senthara ya thupelo e ile ya thehwa ka 1965 ke Khomishene ya Ikonomi ya Ditjhaba tse Kopaneng mabapi le Afrika le Porokgeramo ya Ditjhaba tse Kopaneng ya Ntshetsopele.
Ka 1977, mmuso wa Tanzania o ile wa nka boikarabelo ba tsamaiso ya senthara, mme wa atolosa palo ya dinaha tsa Afrika tseo o sebetsanang le wona ho 13.
Institjhute naheng ya Uganda e ile ya thehwa ka 1969, ho ikamahantswe le moralo wa molao wa Yunivesithi ya Makerere.
Maikemisetso a yona a totobaditsweng e ne e le thupelo ya boemo bo phahameng ba diprofeshenale ho dipalopalo le Thuto ya Moruo ya Tshebetso.
Dilemo tse tharo tse fetileng, Dipalopalo Afrika Borwa e ne e ntse e romela basebetsi diinstitjhuting tsena.
Selemong se fetileng, mokgahlelo wa pele o ile wa phethela dithuto.
Haesale ba kgutla, ba ile ba bontsha ntlafatso e matla tshebetsong, mme ba bang ba dutse ditulong tsa tsamaiso.
Le ha ho le jwalo, Dipalopalo Afrika Borwa, e tobane le diphephetso tse ntjha.
Bohlokwa ba lesedi la dipalopalo mabapi le ho etsa diqeto, mekgeng yohle e meraro ya mmuso, bo ile ba eketseha haholo.
Ka ho otloloha, batho ba rupelletsweng ka ho bokella le ho sebedisa lesedi la dipalopalo boemong ba masepala, ke taba e hlokolosi haholo.
Ho kgotsofatsa tlhoko ena, re tla tlameha ho rupella batho ka sekgahla sa bonyane ba 2 000 ka selemo.
Senthara ya thupelo ya Tanzania le Institjhute ya Dipalopalo le Thuto ya Moruo ya Tshebetso ha di kgone ho jara tlhokeho ena e kgolo hakaana.
Ha a bula Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Dipalopalo selemo se fetileng, letona la ditjhelete Trevor Manuel o ile a phephetsa diyunivesithi tsa Afrika Borwa ho shebana le kgaello ya mahlale a dipalopalo e teng ho thusa mmuso ho etsa diqeto tse tsitsitseng tse tshetlehilweng leseding la dipalopalo le tsepameng.
Dipalopalo Afrika Borwa e qadile dipuisano le diyunivesithi ka sepheo sa ho qala thupelo ya mofuta ona.
Le ha ho le jwalo, ha jwale ha ho na yunivesithi ya Afrika Borwa e nehelanang ka thuto ya semmuso ya dipalopalo.
Dipalopalo Afrika Borwa e hlophisa ho hloma institjhute ya thupelo haufinyane, moo e tla fana ka thupelo ya semmuso ya dipalopalo mabapi le basebetsi ba bona hammoho le basebetsi ba mafapha a mang.
Ho kenngwa tshebetsong ha mokgwatshebetso wa dipalopalo tsa naha ho tla tswala tlhokeho ya ho theha diyuniti tsa dipalopalo mafapheng a fapaneng a mmuso,  mme sena se tsosolosa tlhokeho e matla ya bokgoni ba dipalopalo. 
Le ha ho le jwalo, ntshetsopele ya bokgoni ba dipalopalo e hokahane le se fetang tlhokeho ya lesedi le tsepameng la mmuso.
Dipalopalo di botebong ba demokrasi.
HG Wells, ho tloha sethathong sa ngwahakgolo wa 20, o bile le mohopolo wa ho re nakong e tlang, dipalopalo e tla ba tsa bohlokwahadi ho baahi jwalo feela ka bokgoni ba ho bala le ho ngola.
Dipalopalo tsa setjhaba ke pihlello ya setho ya moraorao tjena e tswetseng pele ka ho fihla ha demokrasi. 
Maemong a Boafrika, moo demokrasi e leng setlabotjha, re tla bona keketseho e mothangwana ya tlhokeho ya dipalopalo tsa setjhaba ha demokrasi e ntse e matlafala.
Boradipalopalo ke batshireletsi ba ditheo tsa demokrasi tsa ponaletso mabapi le ho metha le phumano, mme kahoo le kamohelo ya boikarabelo.
Eo ke yona tabataba letsholong la ho eketsa bokgoni ba dipalopalo, le ho ntshetsa pele ditsha tse hlokehang mabapi le katoloso e matla le e potlakileng ho rutweng ha dintlha tsa semmuso.
Pali Lehohla ke radipalopalo kakaretso le hlooho ya Dipalopalo Afrika Borwa.
Ho fumana lesedi le lengata mabapi le Dipalopalo Afrika Borwa le diphetho tsa tsona, etela www.statssa.gov.za kapa letsetsa (012) 310-8600
<Doc03>
Matsatsi a 16  a Activism: na o ne o tseba?
Ho tloha ka 1994, Mmuso o ntsheditse pele melao ho lokisa dintho tse fosahetseng tse amang basadi le bana.
Molao wa Ntshetsopele ya Tekatekanyo le Thibelo ya Kgethollo ya Leeme  wa 2000 o ile wa fetiswa ho netefatsa hore motho e mong le e mong o natefelwa ke ditokelo tsa Molao wa Motheo. 
Molao ona o netefatsa hore basadi ba natefelwa ka ditokelo le tokoloho ka ho lekana, moo ho lokiswang dimpe tsa nako e fetileng.
Molao wa Toka ya Kgiro wa 1998 o netefatsa hore kgethollo mosebetsing le kuno mmarakeng wa mosebetsi tse bakilweng ke melao ya kgethollo di a hlakolwa. 
O kgothaletsa boemedi ba tekatekanong ya basadi le batho ba bang ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng maemong ohle a ditsheng tsa mmuso le tsa poraefete.
Molao wa Tlhokomelo wa 1998 o netefatsa maemo a bophelo a ngwana a lekaneng mabapi le ntshetsopele ya tulo, monahano le tsa phedisano. 
Molao o netefatsa hore tlhokomelo ya ngwana ya ditjhelete e fumanwa ho batswadi kapa batho ba bang ba ikarabelang ka tsa ditjhelete molemong wa ngwana.
Molao wa  Tlhekefetso ya ka Malapeng wa 1998 o ile wa kenngwa tshebetsong ho sireletsa ba phonyohileng tlhekefetsong ka tshireletso e hodimo kgahlanong le tlhekefetso ya malapeng.
Basadi, e leng bona diphofu tsa tlhekefetso ya ka malapeng, jwale ba na le molao lehlakoreng la bona o tla netefatsa tshireletso ya bona.
Molao wa Bana wa 2005 hammoho le Molao wa Bana o fetotsweng wa 2007 o ile wa kenngwa tshebetsong hore hara tse ding o sireletse ngwana tshotlehong, ho se hlokomelwe, tlhekefetso kapa tlhomphollo.
Mmuso o kentse tshebetsong le ho tshehetsa malebaleba le maqheka a mangata a sireletsang seriti sa botho sa basadi le bana.
Tokomane ya Ditokelo tsa Bana e ntse e hlwelwa botjha le ho matlafatswa ho kenyeletsa le diphephetso tse hlahellang jwaloka tshebediso ya bana e le disebediswa tsa thobalano hammoho le hore bana ba shebelliswe dintho tse amehang thobalano.
Mmuso o arabetse phephetsong ya  moo bana ba kenngwang manyalong ka sheshe le batho ba baholo e le ha ho sireletswa tlwaelo ya setso e bitswang "Ukuthwala". 
Mmuso o itlamme ho netefatsa hore ditlwaelo tsa setso le tse ding di ikamahanya le Molao wa Motheo le melawana e meng e amehang.
Mokgwatshebetso o se o le tseleng ho hloma hape diyuniti tse ikgethang tsa sepolesa tse sebetsanang le ditlolo tsa molao tsa ka malapeng le tsa thobalano hammoho le ditlolo tse ding tsa molao tse kgahlanong le basadi le bana. 
Ho hlongwa ha diyuniti tse ikgethang ho tla bokeletsa bokgoni bo hlokehang ho ntlafatsa botsamaisi le kahlolo e tswileng ka mahetla ya ditlolo tsa molao kgahlanong le basadi le bana.  
Ha jwale ho na le Disenthara tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela tse 17 tse hlonngweng ho phatlalla le naha setjhabeng moo ho nang le diketsahalo tse hodimo tsa tlhekefetso ya thobalano. 
Disenthara di fana ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle le thekolohelo le ho qala ditshebetso tse mabapi le diraporoto tse totobetseng le kahlolo ya ditlolo tsa molao ka mokgwa o hlomphehang le tikolohong e tsotellang ke diprofeshenale tse nang le mangolo.
Matlole a Kgutliso ya Thepa ya Botlokotsebe  a ile a sebediswa ho tshehetsa diporojeke tse 19 tse ntlafatsang diphofu.
Bukana ya Ditshebeletso mabapi le Diphofu tsa Tlhekefetso le Ditlolo tsa Molao e kenyeletsang ditshebeletso tse fanwang ke mekgatlo  ya mmuso le setjhaba e fetang 1 500 diprofenseng tsohle. 
Bukana ena e ntlafatsa batho ho fihlella ditshebeletso tse fumanehang tikolohong eo. 
Ditsha tse ikamahanyang le diphofu di hlonngwe dipoleseteisheng moo ditlolo tsa molao di leng hodimo haholo
Makgotla a Dinyewe a Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano a se a ntsheditswe pele.
Molao wa Tlhekefetso ya ka Malapeng o fane ka tumello ya ho thehwa ha ditsha tsa tshireletso. 
Ha jwale ho na le ditsha tsa tshireletso tse 96 Afrika Borwa, ho tloha ho tse 39 ka 2001.
Ditokelo tsa Tokomane ya Diphofu di ntse di fetolelwa tshebetsong mabapi le diphofu tsa ditlolo tsa molao tse sebetsang le Tshebetso ya Toka ya Botlokotsebe.
Tokomane ena e kenyeletsa Maemo a Tlase a Ditshebeletso mabapi le Diphofu tsa Ditlolo tsa Molao, e ralang moralo wa molao mabapi le diphofu ho totobatsa ditokelo tsa bona mabapi le ditshebeletso tseo ba di lebelletseng ho tswa ho  Tshebetso ya Toka ya Botlokotsebe. 
Ka ho kenngwa tshebetsong ha Tokomane ya Diphofu, palo ya matsatsi a neng a nkuwa ho sebetsana le nyewe Lekgotleng la Ditlolo tsa Molao wa Thobalano e ile ya theoha ho tloha ho 285 ho ya ho 142.
Tokomane e boetse hape ke tlhokeho ho Mmuso wa Afrika Borwa ho kgotsofatsa  boitlamo ba bona ba matjhabatjhaba ho latela   Phatlalatso ya Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Ditheo tsa Motheo tsa Toka mabapi le Diphofu tsa Botlokotsebe le Tshebediso e mpe ya Matla.
Tshebetsommoho ya matjhabatjhaba ho lokisa diphephetso tsa tlhekefetso kgahlanong le basadi le bana.
Afrika Borwa e nehelane ka raporoto ya yona ka tswelopele e seng e fihletswe mabapi le tshebetso  komiting ya Selekane sa Tlhakolo  ya kgethollo kgahlanong le basadi ho UN CEDAW.
Afrika Borwa e ile ya tshwara kopano ya Matona a Phutheho ya Tswelopele ya Afrika e ka Borwa (SADC)  ka (Mphalane 09) ho phethela moralo wa tshebetso wa lebatowa wa dilemo tse 10 mabapi le kgwebisano ka batho, haholoholo basadi le bana.
Prothokolo ya SADC ya Bong le Ntshetsopele e hlalosa hore Dinaha tseo e leng ditho tsa SADC di tlameha hore ka  2015 di be di kentse tshebetsong melao e lwantshang tlhekefetso ya thobalano.
Afrika Borwa e tshwere kopano ya Lebatowa ya Bong (9–10 Pudungwana 2009), moo ba tlisitseng mmoho baemedi ba hlahang dinaheng tsa Afrika ho tla arolelana boitemohelo le dithuto tse atlehileng ho fedisa tlhekefetso ya thobalano le bong.
Se ke wa iphapanya, eba kgahlanong le tlhekefetso
<Doc04>
Setatemente sa Boinotshi  
Lefapha la Matlo le tsitlallela ho sireletsa lesedi la hao le ho ntshetsa pele thekenoloji e o fang boitemohelo bo matla le bo bolokehileng inthaneteng.
Setatemente sena sa Boinotshi se sebetsa webosaeteng ya  Lefapha la Matlo mme se laola pokello ya dintlha le tshebediso. 
Ka ho sebedisa webosaete ya Lefapha la Matlo, o dumellana le ditshebetso tsa dintlha tse hlalositsweng setatementeng sena.
Khukhi ke faele e khomputareng e behwang ke leqephe leo o tlo le etelang inthaneteng
Lefapha la Matlo le bokella lesedi la motho le ka thonngwang, jwaloka aterese ya emeile ya hao, lebitso, aterese ya lapeng kapa ya mosebetsing kapa nomoro ya mohala. 
Lefapha la Matlo le boela le bokella lesedi la lekunutu la demokgerafi, le sa dumellaneng le wena feela, jwaloka khoutu ya hao ya ZIP, dilemo, bong, ditshekamelo, dithahasello le tseo o di ratang.
Ho boetse ho na le lesedi la khomputara ya hao le bokellwang ka ho otloloha ke Lefapha la Matlo.
Lesedi lena le ka kenyeletsa: aterese ya hao ya IP, mofuta wa boraose, mabitso a domeine, dinako tsa ho kena le diaterese tsa webosaete tseo o ka supiswang ho tsona. 
Lesedi lena le sebediswa ke Lefapha la Matlo mabapi le tshebetso ya ditshebeletso, ho tsitlallela boleng ba ditshebeletso, le ho fana ka dipalopalo tse akaretsang mabapi le tshebediso ya Webosaete ya Lefapha la Matlo. 
Boloka ka mehla monahanong wa hao hore ha o hlahisa lesedi la hao  le ka thonngwang kapa dintlha tse hlokolosi o sebedisa diboto tsa  Lefapha la Matlo, lesedi lena le ka nna la bokellwa mme la sebediswa ke ba bang. 
Hlokomela: Lefapha la Matlo ha le bale lesedi lefe kapa lefe la hao la poraefete ho dikgokahano tsa hao tse ho onlaene.
Lefapha la Matlo le o kgothaletsa ho hlwela botjha disetatemente tsa poraefete tsa diwebosaete tseo o di kgethang ho hokahanya ho tswa Lefapheng la Matlo e le hore o utlwisise hore na diwebosaete tseo di bokella jwang, di sebedisa le ho arolelana jwang lesedi la hao. 
Lefapha la Matlo ha le jare boikarabelo ba disetatemente tsa poraefete kapa dikateng tse ding webosaeteng ka ntle ho Lefapha la Matlo le lelapeng la Diwebosaete tsa Lefapha la Matlo.
Tshebediso ya  Lesedi la hao o le mong
Lefapha la Matlo le bokella le ho sebedisa lesedi leo e leng la hao feela ho sebedisa webosaete ya Lefapha la Matlo le ho fana ka ditshebeletso tseo o di kopileng. 
Lefapha la Matlo le boela le sebedisa lesedi la hao le ka thonngwang ho o tsebisa ka dihlahiswa kapa ditshebeletso tse fumanehang ho tswa ho Lefapha la Matlo le bao ba sebetsanang le bona. 
Lefapha la Matlo le ka boela la ikopanya le wena ka tshebediso ya dipalopalo ho etsa dipatlisiso ka maikutlo a hao a ditshebeletso tsa jwale kapa ka ditshebeletso tse ntjha tseo ho ka fanwang ka tsona.
Lefapha la Matlo ha le rekise le ho hirisa manane a bareki ba bona ho tetepati. 
Lefapha la Matlo le ka ikopanya  le wena nako le nako lebitsong la bahwebisani ba ka ntle mabapi le nyehelo e itseng eo o ka bang le thahasello ho yona. 
Maemong ao, lesedi la botho ba hao bo ikgethang le ka thonngwang (emeile, lebitso, aterese, nomoro ya mohala) le ke ke la fetisetswa ho tetepati. 
Ho feta moo Lefapha la Matlo le ka arolelana dintlha le bahwebisani ba tshepahalang ho re thusa ho sebetsa manollo ya dipalopalo, ho o romella emeile kapa poso, ho nehelana ka tshehetso ya moreki, kapa ho hlophisa thomello  . 
Kaofela bahwebisani ba thibetswe ho sebedisa  lesedi leo e leng la hao ntle le ho fana ka ditshebeletso tsena ho Lefapha la Matlo, mme ba tlamehile ho boloka bokunutu ba lesedi la hao.
Lefapha la Matlo ha le sebedise kapa hona ho pepesa lesedi le hlokolosi leo e leng la motho, jwaloka morabe, bodumedi, kapa mokgatlo wa dipolotike oo o leng setho sa wona, ntle le tumello ya hao e totobetseng.
Lefapha la Matlo le latella  diwebosaete le maqephe ao bareki ba rona ba a hlwelang ka hara Lefapha la Matlo, e le ho tiisa hore na ke ditshebeletso dife tse tummeng haholo ho Lefapha la Matlo. 
Dintlha tsena di sebediswa ho nehelana ka dikateng tse hlophiseditsweng lefapha le phatlalatso ka hara Lefapha la Matlo ho bareki bao boitshwaro ba bona bo bontshang hore ba na le thahasello ho tabataba e itseng.
Diwebosaete tsa Lefapha la Matlo di tla totobatsa lesedi leo e leng la hao, ntle le tsebiso, ha feela  ho hlokeha hore ho etswe tjena ke molao kapa ka kgopolo e ntle hore ketso e tjena e a hlokahala ho: (a)  ikamahanya le molao kapa ho ipapisa le tshebetso ya molao e behetsweng Lefapha la Matlo kapa saete; (b)  sireletsa le ho hlokomela ditokelo kapa leruo la Lefapha la Matlo; le (c)  etsahatsa tlasa maemo a potlakileng ho sireletsa polokeho ya batho bao e leng basebedisi ba Lefapha la Matlo kapa setjhaba.
Tshebediso ya dikhukhi.
Webosaete ya Lefapha la Matlo e sebedisa dikhukhi ho o thusa ho etsa hore boitemohelo e be ba hao ho onlaene. 
Khukhi ke faele ya tema e behilweng ho diske e thata ya hao ke  sefara ya webosaete. 
Dikhukhi di ke ke tsa sebediswa ho mathisa diporokgeramo kapa ho tlisa divaerase khompyuteng ya hao. 
Dikhukhi di fuwe wena ka ho ikgetha, mme di ka balwa feela ke sefara ya webo domeineng e o fileng khukhi.
Se seng sa dipheo tsa motheo tsa dikhukhi ke ho fana ka sebopeho se loketseng ho o bolokela nako. 
Sepheo sa khukhi ke ho bolella sefara ya webo hore o kgutletse leqepheng le itseng le ikgethang. 
Mohlala, haeba o etsa hore maqephe a  Lefapha la Matlo e be a hao, kapa o ingodisa le saete kapa ditshebeletso tsa Lefapha la Matlo, khukhi e thusa Lefapha la Matlo ho kgutlisetsa mohopolong wa hao lesedi le ikgethang diketelong tse latelang. 
Sena se bebofatsa tshebetso ya ho rekota lesedi leo e leng la hao, jwaloka aterese eo ho tla romelwa ho yona, aterese ya thomello ka sekepe, jj . 
Ha o kgutlela hona webosaeteng ya Lefapha la Matlo, lesedi leo o faneng ka lona nakong e fetileng le ka utullwa, e le hore o ka kgona ho sebedisa dibopeho tsa Lefapha la Matlo leo o le hlophisitseng.
O na le bokgoni ba ho amohela kapa ho hana dikhukhi. 
Boholo ba diboraosara tsa Webo di amohela dikhukhi empa o ka fetofetola sebopeho sa boraosara ho hanana le dikhukhi ha o batla jwalo. 
Ha o kgetha ho hana dikhukhi ha o no kgona ho lemoha dibopeho tsa kgokahano tsa ditshebeletso tsa Lefapha la Matlo kapa Diwebosaete tseo o di hlwelang.
Polokeho ya Lesedi leo e leng la hao
Lefapha la Matlo le sireletsa lesedi leo e leng la hao ho ka sebediswa le ho fihlellwa ke batho ba sa tshwanelang, tshebediso kapa ho pepeswa. 
Lefapha la Matlo le sireletsa lesedi leo e leng la hao le ka thonngwang leo o fanang ka lona disefareng tsa khompyuta tikolohong e laolwang le e bolokehileng, le sireleditswe  kgahalanong le ho fumanwa ha lona, tshebediso kapa tsebahatso. 
Ha lesedi la motho (jwaloka  nomoro ya karete ya mokitlane) le fetisetswa diwebosaeteng tse ding, le sireleditswe ka tshebediso ya taetsitshireletso, jwalo ka,  Secure Socket Layer (SSL).
Diphetoho ho Setatemente sena
Lefapha La Matlo le tla matlafatsa Setatemente sena sa Boinotshi kgafetsakgafetsa ho hlahisa tlalehelo ya khamphani le moreki. 
Lefapha la Matlo le o kgothaletsa ho hlwela Setatemente sena kgafetsakgafetsa e le hore o tsebiswe kamoo Lefapha la Matlo le sireletsang lesedi la hao kateng.
Lesedi la hao hore re ikopanya jwang le wena
Lefapha la Matlo le amohela ditlhahiso tsa hao mabapi le  Setatemente sena sa Boinotshi. 
 Haeba o dumela hore Lefapha la Matlo ha le a ikamahanya le Setatemente sena, ka kopo ikopanye le Lefapha la Matlo ho webmaster@kznhousing.gov.za.
Re tla sebedisa menyetla e ka kgonehang ho tseba le ho lokisa bothata.
<Doc05>
Puo ya Tonakgolo Ebrahim Rasool moketeng wa ho keteka wa baithuti ba Materiki
Kajeno re tlile mona ho tla thoholetsa baithuti ba materiki ba ipabotseng.
Re re ho bona: Le sebeditse ka bokgabane! Re motlotlo ka lona, porofense le Naha di motlotlo ka lona, batswadi ba lona ba motlotlo ka lona, mme haholoholo le tlameha ho ba motlotlo ka lona.
Lebaka le etsang hore re be motlotlo ka motsotso o kang ona ke kananelo ya ntlha ya ho re hang ha ho ba le motsotso wa katleho ka mora nako e telele ya mathata le boitelo, ke ho re letsatsi la kajeno le totobatsa motsotso wa tlhakisetso ho tswa maemong a ka hlaloswang hantle e le a thata.
Materiki e thata.
Nakong ya dilemo tse leshome tse fetileng re ile ra tlameha ho fetola tshebetso yohle ya thuto ho tswa ho mmuso wa kgethollo. 
Tshebetsong e thata re atlehile tabeng ya kopakopano, lenanethuto le le leng le tlhahlobo, palo e kgolo ya bao ba ngolang le ho pasa materiki le tlhokomediso ya ho re thuto e boetse e na le kabelo e kgolo, e seng ho motho ka bomong feela – hore ikonomi yohle e itshetlehile ho sete ya mahlale e fumanwang ho tshebetso ya thuto.
Ruri Materiki e thata.
Baetapele ba rona ba kopaneng mona Leeuwenhof ke ba butswitseng bao re nang le bona, ba ipabotseng ka bokgabane le bao ba lokelwang ke thoholetso eo porofense ena e ka fanang ka yona. 
Le ha ho le jwalo re boetse re isa mehopolo ya rona ho mokgopi o etsang 71% nakong ya dilemo tse 20 o sa kang wa phethela thuto ya sekondari, bonyane halofo ya 80 000 e qadileng Kereite ya 1 le lona dilemo tse 12 tse fetileng o sa kang wa ngola le ditlhahlobo ka  2004, hobane o ile wa nyahlatsa dithuto tseleng, le ba bangata ba ngotseng, empa bao ka baka la kgetho ya dithuto le dikereite, ba nang le mangolo a ke keng a amohelwa ke ikonomi kapa thuto ya ditsha tse hodimo tsa thuto.
Materiki e thata, haholoholo hobane le le  difensetere tsa rona tsa mabenkele. 
Setjhaba se ahlola bokamoso ba rona ka tshebetso ya lona. 
Ba tshetleha tjhebelopele ya bona bothong bohle ba lona. 
Ba tshetleha tshepo ya bona bokamosong ba ho tsetela ha rona tshebetsong ya thuto e re kopantseng motsotsong ona wa ho keteka. 
Ke nnete hore karolo e kgolo ya dibajete tsa naha le diporofense e ya thutong. 
Selemong sena feela, ho boloka mosebetsi wa matitjhere a 2000 re ile ra tlameha ho tlosa tjhelete mesebetsing e neng e e reretswe ho e isa thutong.
Re tlameha ho matlafatsa ho tsetela ha rona dikolong tse futsanehileng e le ho re ha re eketsa dipalo tekatekanyo ya thuto e a utluwa ka tumelo bokamosong ba sekolo ka seng sa makeisheneng.
Sa bohlokwahadi, Letona Dugmore le Mosupharithende - Kakaretso Swartz, re bile ntswe leng ho hlahisa Leano la Mehlodi ya Botho ho netefatsa ho tsetela hona. 
Re tlameha ho hlahisa baithuti ba Materiki ba tsitsitseng nthong tse bohlokwa ho bona, ba ipabolang ka diphetho tsa bona, ba ikamahanyang le moruo, ba tshepahalang setjhabeng sa bo bona, le ba nang le molemo bothong.
Ke seo re tlo se ketekang letsatsing lena
Le emela ditshepiso tsena ha re aha Ntlo ya rona ya Bohle. 
Re keteka katleho ya lona hobane le itetse le ho sebetsa ka thata, batswadi ba lona ba itetse le ho le boloka sekolong, mme setjhaba sa bolona se itetse mme se tsetetse bokamosong ba lona.
Ba bangata ha ba dumele molemong wa ho ketekela katleho ya diphetho tsa materiki, haholo ha ho shejwa diphephetso le ntlha ya ho re di ntse di re hopotsa masalla a tshebetso ya mmuso wa kgethollo. 
Ke lona feela le ka hlolang sena ka ho ba morolo le ho itella ho aha Ntlo ya rona Bohle, e se nang kgethollo ya merabe mme e na le tekano. 
Sena se tlameha ho hlakiswa dikgethong tseo le di etsang ho tloha hona jwale ho ya pele.
Ho fihlela mona le tlameha ho kgetha hore na le tlo sebetsa ka thata hakae. 
Lengolo la hao la Materiki le o kgontshahatsa le ho o qobella ho etsa dikgetho ka mofuta wa motho oo o batlang ho ba wona le mofuta wa bophelo oo o batlang ho o phela.
Re le lakaletsa mahlohonolo.
<Doc06>
Maikemisetso a Botsamaisi ba Porojeke ya Mmuso ya Dikgokahano ya 2010 ke ho:
kgontshahatsa phihlelo ya maikemisetso a dikgokahano tse tebileng mabapi le Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa pele Afrika 
sebedisa monyetla ona o ikgethang ho totobatsa le ho aha kopano le motlotlo hara Maafrikaborwa
tsosolosa batjha ba rona
maketa naha ya rona lefatsheng
bopa maemo a dikgokahano a thusang ho sebedisa monyetla ona ho potlakisa ntshetsopele le ho atolosa menyetla.
aha kopano ya Afrika.
Sena se ka fihlellwa ka:
ho fana ka boetapele le tsamaiso le dikgokahano tsa mmuso mabapi le Mohope wa Lefatshe wa 2010
ho aha tshebetsommoho ya setjhaba ya bahokahanyi ba setjhaba le ba poraefete ho phatlalla le mafapha ohle le ho bopa maqhama le bahokahanyi kontinenteng le ho diasepora, e le ho re naha hammoho le khonthinente ka kopanelo di ka nka monyetla ona wa dikgokahano tsa moshwella
ho tswellisa  diporojeke tsa dikgokahano tsa sehlooho tsa mmuso tsa Mohope wa Lefatshe wa 2010.
<Doc07>
Melawana ya Sephethephethe Mebileng ya Naha e Fetotsweng ho matlafatsa polokeho ya mebileng
POLOKWANE: Melawana ya Naha ya Sephethephethe sa Ditseleng e fetotswe. 
E bitswa Phetoho ya Leshome le metso e supileng mme e kentswe tshebetsong ha e phatlalatswa.
Lefapha la Mebila le Teranseporoto le tsebisa boramakoloi ka diphetoho tseo e leng:
Makoloi a matjha a ngodisitsweng ka mora 01 Phato 2010 a tlameha ho ba le dimoropolata tse tiisitsweng ka dipoprivete kapa dikurufu.  
Ha di sa kgone ho kenngwa koloing di tlameha ho kenngwa borakateng bo dumellanang le SANS 973. 
Phetoho ena e tla fokotsa botlokotsebe le ditlolo tsa molao tsa mebileng tsa bakganni ba tlosang habobebe dinomoropolata e le hore ba se ba kgona ho latellwa ha bonolo. 
Ha ho no ba bonolo ho tlosa dinomoropolata ebe o a di kgutlisetsa ka mora ketso ya botlokotsebe hobane sena se tla dula se kenyeletsa ditjeo tse ekeditsweng. 
Nomoropolata e entswe ka aluminiamo e tla etsa hore ho be thata ho e tjhesa hoo e ke keng ya bonwa nakong ya ketsahalo ya kotsi.
Ho tloha ka 1 Hlakola 2011 batho ba fumanang mangolo a ho kganna a dikhoutu tsena C, C1, EC kapa EC1 ha ba no dumellwa ho kganna makoloi a hlokang laesense ya khoutu ya B kapa khoutu ya EB (ka mareo a kgale motho ya nang le laesense ya khoutu ya 10, 11, 13 kapa 14 a ke ke a kganna koloi e hlokang laesense ya khoutu ya 8).  
Sena se tla sebetsa feela ho batho ba qalang ho ba le dilaesense. 
Palo e hodimo ya baithuti ba qalang ho nka dilaesense, ba etsa dikopo tsa dilaesense tsa ho kganna makoloi a boima ha ho bapiswa le dilaesense tsa makoloi a bobebe le ho leka ho qoba diteko tsa  ho paka ka ho rapalla, ho teha mohlala. 
Nnete ke ho re hang ha ba fumane dilaesense tsa makoloi a boima, ba kganna  makoloi a bobebe ao ba sa tlwaelang dikhontrolo tsa ona tsa ho kganna, mme ba qetelle ba amehile dikotsing. 
Ho boetse ho lebeletswe hore bakganni bao bohle ba fumaneng dilaesense tsa makoloi a boima tsa ho kganna, ba tlameha  ho ba le Diphemiti tsa ho Kganna tsa Seprofeshenale, empa dipalopalo di bontsha ho hong hosele. 
Sena se paka ntlha ya ho re bakopi ba ne ba hloka dilaesense tsa makoloi a bobebe, e seng tsa makoloi a boima.
Directional Stability Control Devices tsa  dibese tsa dimini le dimidi di tsebahatswa ka tshebetso ya mangolo eo e leng karolo ya teko ya ho lokela tsela.  
Sena se sebetsana le dibese tsohle tse nyane le tse kgolwanyane, e seng dikoloing tse sa tswa boptjwa feela.
Monga koloi ya ngodisitsweng kapa moemedi o tlameha ho nehelana ka foromo e tlatsitsweng DSCD seteisheng sa diteko. 
Sesebediswa sa Taolo sa Supisang se thibela thaere ho se tswe riming ha e thunya koloi e ntse e tsamaya.
Phetoho ho Molawana wa 332 e ile ya phatlalatswa mme e etsa lenane la disebediswa tsa ho etsa diteko tsa ho hema tse nang le bopaki tse ka sebediswang ho bokella disampole tsa ho hema tse nang le bopaki le lengolo le ntshitsweng ke mohlahisi kapa mofani le ka sebediswa e le bopaki dinyeweng, ka ho di hlahisa feela.
Phetoho ena e batla ho sebetsana le taba ena e ileng ya hlahiswa mabapi le taba ya molao ya diborahlalaeza ho latela karolo ya 65(7) ya Molao wa Sephethephethe sa Mebileng, 1996 mme o dumellana le SABS 1793 mme e ka sebediswa ho netefatsa boteng ba alkhoholo ho hemeng. 
Tse latelang ke disebediswa tse dumelletsweng:
"Sena ke sa bohlokwa haholo nakong ya matsatsi a diphomolo kaha se fana tshehetso e matla mekutung ya rona ya ho lwantsha hore batho ba kganne ba tahuwe mebileng ya rona", ho bua MEC ya Ditsela le Teranseporoto Pinky Kekana.
<Doc08>
Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle tsa Antheneitale (Pele ho tlhaho) 
Banana le basadi ba immeng ba lebiswa ditshebeletsong tsa ho pepiswa kapa Diyuniting tsa Midwife Obstetric (MOUs) metseng ya ditoropo, le disathalaeteng kapa ditliliniking tse ikemetseng dibakeng tsa mahae. 
DiMOU ke diyuniti tsa ho pepisa tse tsamaiswang ke bapepisi setjhabeng mabapi le bakudi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ba motheo. 
Ke sa bohlokwa hore bomme ba immeng ba beheletse ketelo ya bona ya pele tleliniking pele ho dibeke tse 20 kapa kapele kamoo ho ka kgonehang ka mora moo.
Mme o fuwa tekanyetso ya pele e feletseng le thuto ya tlhokomediso ka ketelo ya hae ya pele ya Antheneitale ha a tla kgetlo la pele, eo hape e tsejwang ka ho re ke ketelo ya ho beheletsa. 
Ho ima ho hlahlojwa ka diketelo tsa kgafetsa tse latelang ketelo ya pele. 
Bophelo bo botle ba mme le bona bo behwa leihlo.
O a bekgwa, kgatello ya madi e a nkuwa mme le moroto o a lekolwa. 
Ha ho na le mathata, o tlameha ho kgutlela e le ketelo ya pele e latelang ka mora dibeke tse pedi mabapi le diphetho tsa diteko tse ileng tsa nkuwa nakong ya ketelo e neng e beheleditswe. 
Ka mora mona, o tlameha ho kgutlela tleliniking dibekeng tse ding le tse ding tse tsheletseng ho fihlela dibekeng tse 28, ho tloha moo dibekeng tse 34, ka mora moo jwalo ka ha ho bontshitswe ke basebetsi ba tleliniki /MOU (makgetlo a ho kgutlela a diketelo a ka fapana ka dibaka).
Bomme ba immeng ba a popolwa mabapi le dikotsi tsa tshohanyetso tse ka amang bophelo bo botle ba bona le bophelo bo botle ba futase. 
Barwetsana le basadi ba ka hodima dilemo tse 35 ba immeng ba nkuwa e le ba tsietsing e hodimodimo. 
Sena se bolela hore ba ka nna ba ba le mathata nakong ya ho ima le ho pepa. 
Basadi ba immeng ba ka boela ba nkuwa ba le tsietsing e hodimo haeba ba na le kgatello e hodimo ya madi, nalane ya ho se itekanele ha lefutso, ho ima kgafetsa le haeba ba kile ba ba le ho pepa ka sesariene. 
Bomme ba popotsweng kapa ba hlahlobilweng e le ba tsietsing e hodimodimo ba fetisetswa hodimo moleng ho ditleliniki tsa Antheneitale tsa bakudi ba ka ntle boemong ba dipetleleng tse ka hodingwana kapa tsa ditsha tse hodimo, moo diteko tsa dipatlisiso tse tswelang pele le ho popolwa di ntshetswang pele. 
Bomme bao ho ima ha bona e leng ho hodimodimo ba eletswa ho etela ditleliniki tsa Antheneitale tsa bakudi ba ka ntle hangata kamoo ho ka kgonehang.
Haeba o qala ho etela setsha sa bophelo bo botle kgetlo la pele, o tla kopuwa ho tlatsa foromo mme faele e tla bulwa. 
Etla le bukana ya hao ya boitsebiso, moriana ofe kapa ofe oo o ntseng o o sebedisa le karete ya  tleliniki kapa sepetlele, ha e le hore o ne o ngodisitswe nakong e fetileng setsheng seo. 
Ho ima ho tsietsing e tlase ho sebetswa ho diMOU (diyuniti tsa ho pepa tse tsamaiswang ke bapepisi setjhabeng mabapi le bakudi ba ba dibaka tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle tsa motheo) dibakeng tsa ditoropo le ditleliniki tsa disathalaete le tse tsitsitseng dibakeng tsa mahae.
Ho ima ho hodimodimo ho sebetswa ditleliniking tsa bakudi ba ka ntle dipetleleng tsa lebatowa dibakeng tsa ditoropo le tsa mahaeng le tsa ditsha tse phahameng.
<Doc09>
Porokgeramo e Hokahaneng ya Phepo
(INP) e ikemiseditse ho ntlafatsa boemo ba phepo ba batho bohle ba ahileng porofenseng ya Kapa Bophirima. 
Ho na le dintlha tse ngata tsa porokgeramo ena.
Phepo e seng ntle keng?
Phepo e seng ntle ke bothata bo opisang hlooho Afrika Borwa, mme ke e nngwe ya dintlha tse phehisang ho kuleng le mafung a ho tloha bongwaneng. 
Ho lekanngwa hore bonyane 30% ya bana ba Afrika Borwa ha ba a hola hantle ka baka la kgaello ya phepo e lekaneng dilemong tsa bona tsa bonyenyane.
Dijo tse sa lekanang, ho kula le kgaello ya phedisano le boko ke tse ding tsa disosa tse hlahelletseng ka mahetla tsa kapelenyana tsa phepo e seng ntle. 
Bofutsana le kgaello ya disebediswa ke disosa tse bakang phepo e seng ntle. 
 INP e leka ho sebetsana le koduwa ena e thotseng ka ditsela tse ngatanyana.
Diotlammele tsa bana
Boemong ba tlhokomelo ya bophelo bo botle ba motheo, bana ba hlahlobilweng mme ba hlwauwa ba sa fetjwe hantle (mona ho kenyeletswa bana le batho ba baholo ba nang le kokwana ya HIV le lefuba) ba tla fuwa diotlammele le dijo tse kenyeletsang phofo ya papa e matlafaditsweng le seno se nang le eneji e ngata. 
Diotlammele di fuwa bakudi ba hlwauweng ho latela makgetha a itseng. 
Basebeletsi ba bophelo bo botle ba boetse ba fana ka keletso, lesedi le thuto ka dijo tse matlafatsang le ditsela tsa bophelo bo botle tsa ho lokisa dijo. 
Didaethisheene le tsona di fana ka: ditshebeletso tse ikgethang setjhabeng.
Ho nyantsha
Ho thusa ho lwantsha phepo e mpe ho tloha bongwaneng, basebeletsi ba bophelo bo botle ba kgothaletsa basadi ho nyantsha bana ba bona ka ho phethahala ho fihla dilemong tsa dikgwedi tse tsheletseng, mme ka mora moo ba tswele pele ho nyantsha ka hodima ho hlahiswa ha  dijo tse loketseng tsa tlatsetso, ho fihlela ngwana a ba dilemo tse pedi. 
Ditsela tse ding tsa ho fepa di hlalosetswa bomme ba nang le tshwaetso ya HIV. 
Sepetleleng sa Vredendal le Senthareng ya  Pepiso ya Groote Schuur ke Dipetlele tse ratang masea porofenseng ho latela Leano la Dipetlele tse ratang Bana.
Tlhahlobo ya kgolo
Bana bohle ba bekgwa kgafetsa e le karolo ya  porokgeramo ya tlhahlobo ya kgolo, tshupiso e hlokolosi ya ho re na ngwana o a hola na. 
Boima bo kenngwa Kareteng ya Tsela e isang Bophelong bo botle. 
Mabaka a tshehetsang a bakang ho theoha ha boima a shejwa ho itshetlehilwe ho mafu a tshwaetsang, kgaello ya dijo lapeng le ho se tsotellwe ha bana.
Mafu a tshwaetsang a na le seabo se seholo phepong e mpe, mme mafu ana ho sebetsanwa le ona boemong ba motheo ba bophelo bo botle. 
Lefu la letshollo le amana haholo le bohlweki ba tikoloho (dikgwerekgwere le phepelo ya metsi) le phepo e tlase kapa e fokolang ya lesea, eo qetellong e etsang hore lesea le hlaselwe ha bonolo ke letshollo le matla le le sa feleng.
Phokotso ya bofuma
Malapa a futsanehileng a a hlwauwa ebe a fetisetswa ho e nngwe ya diporokgeramo tsa mmuso tsa phokotso ya bofuma. 
Polokeho ya dijo tsa malapa e sebetswa ke disekthara tse mmalwa mme ho fanwa ka                 dithuso tse nepahetseng le tshehetso.
Divithamini le dijo tsa tlatsetso
Taolo ya dikgaello tsa diotlammele tsa maekro ke karolo ya bohlokwa ya tshebetso. 
Diotlammele ke dintho tsa tlhaho jwaloka divithamini le diminerale tse fumanwang ka dikarolwana tse nyenyane dijong mme ke tsa bohlokwahadi ho boloka bophelo bo botle bo matlafetseng. 
INP e fana ka seeketswa sa Vithamini A ho bana ba hlwauweng. 
Bana ba haellwang ke  Vithamini ya A ba lahlehelwa ke boima, ba hloleha ho hola hantle mme ba ka tshwaetseha ha bonolo mme ba shwa ke ho tshwaetseha hoo. 
Kgaello ya  Vithamini ya A e boetse e senya mahlo mme ke se seng sa disosa tsa sehlooho tsa bofofu ho bana.
Bana ba nang le boima bo tlase tlhahong ya bona ba fuwa dikhapsulu tsa Vithamini ya A, tse nyollang tshireletso ya masole a mmele mme di thusa kgolo ya ngwana. 
Masea ho tloha ho dikgwedi tse 6-11 a fuwa motshelo o le mong wa Vithamini ya A (di-IU tse 100 000 ) ho thibela mafu a matla. 
Bana ho tloha ho  dikgwedi tse 12 ho isa ho dilemo tse hlano ba fuwa motshelo o le mong wa di-IU tse 200 000 ha ba le dikgwedi tse 12, ebe ba fuwa motshelo wa di-IU tse 200 000  kgwedi tse ding le tse ding tse tsheletseng ho fihla dilemong tse hlano.
Metshelo e ekeditsweng ya Vithamini ya A e fuwa bana bao e leng hore phepo ya bona e mpe kapa ba  nang le mafu a tshwaetsang a sa kgaotseng jwalo ka letshollo, maselese kapa tshwaetso ya HIV.
Ho ntsha diboko
Tahlehelo ya boima baneng e ka boela ya bakwa ke ho kena ha diboko mme sena ho ka sebetsanwa le sona tleliniking ka moriana o ntshang diboko.
Keletso ya phepo mabapi le maemo a ikgethang
Thuto ya phepo, lesedi le keletso di a fanwa maemong ohle a tlhokomelo ho batho ba kileng ba ba le setorouku, ba nang le kgatello e hodimo ya madi, tswekere, HIV/AIDS le Lefuba.
Porokgeramo ya Phepo Dikolong tsa Poraemari
Porokgeramo ya Phepo Dikolong tsa Poraemari e a fumaneha dikolong tse ikgethang tsa moruo o tlase. 
Ha jwale disekimi tsena di tsamaiswa ka kopanelo le Lefapha la Thuto. 
Mmuso wa porofense o ikemiseditse ho fihlella bana ba 125 000 dikolong tse  847 tsa diporaemari porofenseng ka 2004  ka porokgeramo ya ona ya phepo dikolong.
Dijo ditsheng
INP e boetse e phehisa tlhokomelong ya bahlokomelwa ditsheng ka ditshebetso tsa ditshebeletso tsa dijo mabapi le phano ya phepo e lekalekaneng.
Ditaelo:
Baeti ba qalang ho tla tleliniking/sepetleleng kapa setsheng se ka hodimo ba tla kotjwa ho tlatsa foromo mme faele e tla bulelwa mokudi. 
Etlo le bukana ya hao ya boitsebiso 
Lengolo la tshupiso ho tswa tleliniking le tla hlokwa ha o etela sepetleleng. 
Dipetlele di tla kopa bopaki ba hao ba mokgolo/tekanyetso ya lekeno (IRP5).
Etla le karete ya hao ya sepetlele haeba o ne o se o ile wa ngodiswa sepetlele moo.
<Doc10>
Puo ka Motlatsi wa Letona la Mesebetsi ya Setjhaba Mong. Ntopile Kganyago, Setho sa Palamente, ha ho ne ho thakgolwa letsholo la pele la Porokgeramo ya Setsi sa Motsehadi wa Tshwane, Moaho wa Banka ya Risefe, Tshwane
Basebeletsi ba bang ba ka sehloohong ba mmuso
Bomme le bontate ba media
Baeti ba hlomphehang
Qeto e nkilweng ke Khabinete ka 1997 ho kgothaletsa mafapha a mmuso wa naha ho etsa hore toropo ya motsehadi wa Tshwane e be lehae la ona la ka nako tsohle, ebile pontsho ya tjhebelopele e kgolo, ka nako eo le hona jwale. 
Sephetho ke moralo o tswileng matsoho ho hokahanya ntjhafatso ya motsehadi ya rona kgoeletsong ya mmuso ya ntjhafatso ya metse ya rona ya ditoropo le mekutu e meng ya ntshetsopele ya dibaka e etseditsweng ho ntshetsa pele mekgwatshebetso ya tsamaiso  e tsotellang ditokelo tsa botho, dibaka tse hlokomelehileng le ho amoheleha, ntshetsopele ya ikonomi le momahano ya phedisano.
Kajeno ha re lahlela lejwe la pele phumanong  le temohong ya tjhebelopele eo, re boetse re keteka leeto leo re le tsamaileng ho fihlela mona. 
Ditherisano tse matla tse neng di bile di kgaba ka dipuisano le dibeite tse matla mabapi le ditlhoko hammoho le dikgetho tse teng mafapheng a mmuso mabapi le ditikoloho tsa ona ha di a ka tsa re ntsha motjheng ho maikemisetso a rona a sethathong, jwaloka  ho matlafatsa tikoloho ya tshebetso ya mafapha  a mmuso bohareng ba motsehadi wa Tshwane.
Hape re tlameha ka yona nako eo re phehise ho ntlafatso le ntjhafatso ya bohareng ba motsehadi. 
Maikemisetso a mang a sa eiseheng a kenyeletsa  makgobonthithi a ho hohela ho tsetela ha sektara ya poraefete, ho ntshetsa pele sebopeho sa Tshwane jwaloka motsemoholo Afrika le ho ntshetsa pele matlafatso ya ikonomi ya batho ba batsho. 
Mmuso ke monga leruo le leholo mme  e boetse ke e mong wa batsetedi  ba ka sehloohong bophelong ba ikonomi ba mmuso wa lehae, haholoholo dimetrong tsa Johannesburg leTshwane  ka hara Gauteng. 
Mafapha a hloka diofisi hore a fihlelle boitlamo ba ditshebeletso tsa setjhaba ho phethahatsa ditshepiso tsa ona.
Ho a tsebahala hore boholo ba meaho ya mmuso bo  mokgeng wa e metle ho ya ho e mahareng feela kgahlanong le e tswileng ka mahetla ho latela maemo a yona.
Dintlafatso di tla potlakisa tshebediso ya ditjeo mme di phehise ho karolwana ya BEE  ya Porojeke ya Setsi sa Motsehadi wa Tshwane. 
Selemo le selemo mmuso wa naha ka Lefapha la  Mesebetsi ya Setjhaba o sebedisa ho feta  dibilione tsa diranta tse pedi (Dibilione tse 2 tsa diranta) ho lefa dikhiro hammoho le ditarifi tse amehang tsa tsamaiso ya leruo jwalo ka ditshebeletso tsa naha ka bophara moo sektara ya poraefete le mmuso wa lehae ebang bona ba unang molemo.
Ntle le phetoho ke bona bankakarolo ba tlwaelehileng ba lebeletsweng ho tsamaisa tshebetso ya ntlafatso ya  mokgubu wa Tshwane jwaloka motsehadi, ha ho kgoneha ka tshebetsommoho ya Mmuso wa Porofense wa Gauteng ka diporojeke tsa bona tsa sehlooho tsa ho tsetela jwalo ka ha di totobatswa ke Ejensi ya Ntshetsopele ya Ekhonomi ya Gauteng (GEDA).
Ho ya ka maemo a Porokgeramo ya Setsi sa Motsehadi wa Tshwane , ao ho tloha ha jwale a tla tsejwa e le "Re Kgabisa Tshwane" mme mmokwana e le "Sebaka se Matlafetseng sa ho sebetsa", tsepamiso boholo e tla ba ho batho (mmoho basebeletsi ba mmuso le setjhaba), hobane e le dibakeng tseo ba dulang ho tsona nakong ya ho fana  le ho fumana ditshebeletso  tsa sehlooho tsa setjhaba. 
Ha a tsebahatsa Porokgeramo ya Tshebetso ya mmuso ya 2004, Moporesidente, Mong. Thabo Mbeki o ipileditse mafapheng a mmuso a Mesebetsi ya Setjhaba hammoho le Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso ho tsamaisa porojeke ho ntlafatsa tikoloho ya tshebetso ya mafapha a mmuso le basebeletsi ba mmuso. 
Dikaho tsa motheho tsa setjhaba ke mokgubu wa phano ya ditshebeletso mme basebeletsi ba mmuso  ke petorolo e susumetsang enjine mme ba etsa hore e hule ka potlako le ka bokgoni.
Nakong ya mokgahlelo wa tekanyetso ya ditlhoko ya porojeke, basebeletsi ba bangata ba mmuso bao ho buisanweng le bona ba hateletse taba ya ho ba le dibaka tse tswileng ka mahetla tsa ho sebeletsa, tse tshwanelang tshebetso ya bona mme di kenyeletsa ditikoloho tsa ka hare le tsa ka ntle, kahoo bohlokwa ba ho sebetsa mmoho le Metero wa Tshwane, o ikarabelang dintlheng tse ngata tsa tsamaiso ya bodulo ditoropong jwaloka sephethephethe, bohlweki, polokeho, tshireletso le le kgahleho ya botle.
Ke nka monyetla ona ho leboha tsamaiso ya Tshwane le boetapele mabapi le tjhebelopele ya bona ho amohela porojeke ena ho ba malala- a - laotswe ho e hokela ho Meralo ya bona ya Ntshetsopele e Hokahaneng. 
Hantlentle Memorandamo wa Kutlwisisano (MOU) oo re tla beng re itlama ka wona haufinyane kajeno mahareng a  Lefapha la naha la Mesebetsi ya Setjhaba le Metero ya Motsehadi wa Tshwane, ke tiiso ya ho fumana kutlwano ya tsela ya tshebetso . 
Ke tsebahatso ya maikemisetso ya tshebetsommoho ya mekutu le diporejeke eo ka kopanelo e leng ya bohlokwa ho mafapha ka bobedi.
Molaetsa wa rona ho wena kajeno ke ho re “mosebetsi o qadile” mme dilemo tse latelang tse 10  di tla bona kenyo e fetang dibilione tse robedi tsa diranta (dibilione tsa diranta tse 8) ke mmuso wa naha le sektara ya poraefete ho ya ka dibajete tsa thuo, dintlafatso tsa kgiriso le tshebetsommoho ya makala a mmuso le a poraefete. 
Ho latela Tshebetso ya Porokgeramo, Komiti ya Tshebetso e thehuwe mahareng a Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso, Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba, Matlotlo a Mmuso le Motsehadi wa Tshwane. 
Hara tse ding, Komiti e tla tsamaisa porokgeramo, e behe leihlo ho kenngwa tshebetsong ha porokgeramo le tshebetso ya yona, ho phethela leano la ditjhelete le ho netefatsa kgokahano ya tshebetso. 
Lefapha le hirile Mong. Dumisani Dlamini jwalo ka  Motlatsi wa Mookamedi Kakaretso ya ikarabelang ho tsamaiso yohle ya porokgeramo.
Ke a le leboha.
<Doc11>
Mme Motsamaisi wa Dipuisano, Motlotlehi Tonakgolo, Basebetsimmoho le nna Khabineteng, Ditho tsa Ntlo, baeti ba hlomphehileng, basebeletsi ba lefapha la matlo, ditho tsa media le setjhaba ka kakaretso, le amohelwa ka matsoho a mofuthu.
Mantswe ana  bomme le bontate a bontsha le ho ikamahanya le dipolotike tsa Afrika Borwa, haholoholo Kapa Bophirima. 
Ho sa natsehe hore na batho ba naha ena ba ratang tswelopele le ho sebetsa ka thata le maikemisetso ba etsang, maikemisetso a batho ba bang ke ho nyenyefatsa mosebetsi o motle ka mehla  o entsweng ke mmuso ona o kgathallang ka nako e kgutshwanyane kamoo ho ka kgonehang o le pusong.
Bomme le bontate, batho ba bangata ba ngangisane haholo ka seo phano ya matlo e leng sona, empa ntumelleng ke le fe lehlakore le leng hape.
Ho ya ka nna, ho ba le ntlo ha ho bolele feela tshireletso. 
Ke ha batho ba jara boikarabelo mmoho ho ntshetsa pele tikoloho eo e leng ya bona mmoho le ho tjhorisa bokamoso ba bona.
Ke ho bopa setjhaba se atlehileng le ditikoloho tsa tswelang pele. 
Ke ntshetsopele ka kopano ka tshebetsommoho mahareng a  sektara ya poraefete, sekthara ya setjhaba, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso, empa haholoholo setjhaba.
Taba ya matlo ho  nna e ka hlaloswa hantle e le tshebetso e tswellang, e kenyeletsang ho etsa meralo le batho, e seng ho etsetsa batho meralo. 
Taba ya matlo ho ya ka maemo a Afrika Borwa, ha se fela sehlahiswa, empa ke tshebetso e tswellang e tshetlehilweng ho divelu tsa demokrasi tseo batho ba naha ena ba di lwanetseng ka thata.
Ke tshebetso e tswellang e mamelang batho, e dumellang batho ho sebedisa tokelo ya bona ya demokrasi ho kgetha mofuta wa matlo le dibaka tseo ba batlang hore matlo a bona a ahuwe ho tsona.
Ha ho le jwalo, ha ho se dihang seriti sa motho ebile se hloka demokrasi ho feta ho amoha batho tokelo ya bona ya mantlha ya kgetho. 
Ho fapana le mmuso wa kgethollo, batho , jwalo ka baphehisi tabeng tsa phedisano , ba na le karolo ya bohlokwahadi ho leano le tjhebelopele ya phano ya matlo.
Bomme le bontate, ke thabile thapameng ena ho le behela puo ya ka ya bobedi ya ditekanyetso jwalo ka Letona la Matlo la Porofense. 
Ke  boetse ke motlotlo ho le behela puo ena ya ditekanyetso pele ho Keteko ya  selemo sa 10 sa demokrasi.
Ho na le bopaki bo ka bontshwang hore mmuso o eteletsweng pele ke ANC o fihlelletse tse ngata ka nako e ka tlase ho dilemo tse leshome tsa puso ya bona ya demokrasi ho feta  naha efe kapa efe lefatsheng kaofela. 
Re sebeditse – Re atlehile.
Ha re fana ka se ka pakwang, menyetla e dimilione tse 1.4 ya matlo eo mmuso o faneng ka yona, ke motlotlo ho tsebisa hore porofense ya rona e fane ka matlo a 167 000 nakong ya dilemo tse robong, e leng 11% ya karolo ya naha yohle. 
Sena, ho latela maikutlo a ka ke tshebetso e tswileng ka mahetla ho latela maemo afe kapa afe.
 Ke batla hape ho hlakisa hore selemong se fetileng se ne se na le diphephetso tse ngata tse bileng le seabo se sebe phepelong ya matlo naheng yohle, empa haholoholo porofenseng ena ya rona.
Diphephetso tsena di bakilwe ke tlhahiso ya dipehelo tsa leano le letjha le malebaleba a kang nehelo ya lefa ya boleng ba R2 479 le tlhahiso ya Lekgotla la National Homebuilders Registration Warranty Scheme ho matlo a mmuso a tsheheditsweng.
Mehato ena ha e a rerelwa ho nyehlisa phano ya matlo, empa ho netefatsa hore batho ba rona ba fumana matlo a boemo bo botle ao ba a kgonang. 
Thuto eo re e fumanang ho kenya tshebetsong maano ana ke ho re e theotse sekgahla sa phano ya matlo.
Ho mpefatsa ditaba ke ntlha ya ho re lefapha la ka le sebeditse ntle le Mookamedi ya ka Sehloohong dikgwedi tse robong. 
Sena se thefutse tswelopele haholo. 
Ke se ke hirile Mong. Seth Maqethuka, letswallwa la Cape Town ya nang le boitemohelo boemong ba naha le ba lehae, eo ke ratang ho mo thoholetsa le ho mo amohela le ha sena ke se ke se entse makgetlo a mangata.
Le ha ho bile le diphephetso tsena le ditshita, ke motlotlo ho tsebisa batho ba rona hore lefapha la ka le kgonne ho sebedisa dimilione tsa diranta tse R348, e leng 92% ya kabo ya ditjhelete ya matlo ya Kapa Bophirima. 
Tse ding tsa diporofense ha di a sebedisa le ha e le feela 52% ya dibajete tsa tsona.
Sena se bakile ho ananelwa le ho amohelwa ha bonyane disaposidi tsa matlo tse 25 000. 
Batho ba bangata ba futsanehileng ba tlo fumana monyetla wa ho kotula molemo le ditholwana tsa demokrasi. 
Sena bomme le bontate, se bontsha keketseho e bonahalang ya diyuniti tse 3000 ha ho bapiswa le selemo se fetileng. 
Tabeng ena, ke lakatsa ho ananela bohlokwa ba seabo sa bomasepala porofenseng ya rona. 
Ntle le boitelo ba bona le mosebetsi o tswileng ka mahetla, re ka be re sa kgona ho sebedisa tjhelete.
Hapehape, ke lakatsa ho thoholetsa Motsehadi wa Cape Town ha o ile wa sebedisa bonyane 70% ya bajete ya rona. 
Ha ke lebale basebeletsi ba ka mabapi le tshebetso ya bona e matla le phehiso ya bona ho tshehetsa tjhebelopele ya rona ya ho abela setjhaba matlo.
Bomme le bontate, ke tla be ke sa hlomphe letswalo la ka haeba ke tla be ke fana feela ka setshwantsho se setle sa tshebetso ya phano ya matlo. 
Ho sa na le dikgeo tshebetsong ya rona ya phano ya matlo. 
Mabapi le sena, re ntse re hloka ho ntlafatsa dibakeng tsena tse latelang tse leng hlokolosi:
Boholo ba matlo a rona a ntse a sa kgotsofatse ditlhoko tsa phetolo ya mohopolo – ho tloha ho  khwanthiti ho ya ho khwalithi.
Re ntse re tlameha ho fetola tshebetso ya phano ya matlo ho tloha ho ya ho fana ka tshireletso ho ya ho ya ho bopa dibaka tsa bodulo tsa botho tse ka tswellang pele.
Re hloka ho fetola kabelo ho batho ba fumanang matlo ho ya batho ba shebelletseng feela ba se na seabo ho ya batho ba nang le seabo.
Re tlameha ho fetola mokgwa wa batho ba rona wa ho nahana e le ho re ba qale ho sheba matlo a mmuso a tsheheditsweng e le leruo, e seng feela dihlahiswa.
<Doc12>
SEPOLESA SA SEKTHARA SE A SEBETSA
E ne le kimollo e kgolo ya maikutlo ho mme le ngwana ha James Busakwe ya dilemo tse 16 a ne a kopanngwa le mmae wa madi ka 7 Mmesa 2006. 
Taba ena e mahlonoko e ile ya qala ha mma James a fihla sepetleleng sa Klerksdorp ka 6 Mmesa a etetse morahae, mme  basebeletsi ba booki ba hlokomela hore ngwana o filwe mosadi e mong, ya neng a hlapanya hore ke mmangwana wa madi letsatsi le fetileng.
Hang ka mora hoba tshibollo ena e etswe, baoki ba ile ba bolella seteishene sa mapolesa sa Kanana, kaha mosadi ya ileng a nka James a ile a fana ka aterese Kanana. 
Aterese e ile ya hlahlojwa ntle le katleho. 
Ho ne ho se mang wa lebitso leo kapa tlhaloso ya mosadi eo ya neng a tsejwa atereseng eo.
Bosiung ba 6 Mmesa Kanana CPF e ile ya tshwara kopano. 
Mokomishenare wa seteishene ya tshwereng mokobobo o ile a tsebisa kopano ka ho kwetelwa ha ngwana mme a kopa bohle ho ba sedi. 
Bonyane ka hora ya 23:00 bosiung bona boo, e mong wa ditho tsa setjhaba o ile a tsebisa mapolesa ka lesedi la ho re mosadi ya dulang sekthareng ya bona, ya sa tsejweng ka ho re o ne a ithwetse, ka mokgwa o sa tsejweng o ne a na le ngwana wa moshanyana ho yena.
Mapolesa a ile a latela lesedi lena mme ka nnete ba fumana mosadi le ngwana. 
Basebeletsi ba sepetlele ba ile ba bitswa mme hanghang ba kgona ho supa ngwana eo, hammoho le mosadi eo ya mo kwetetseng sepetlele. 
Bopaki ba mefutafuta, ho kenyeletswa le boreiselete ba polasetiki ba sepetlele, bo ile ba fumanwa ntlong ya mmelaelwa.
Mosadi o ile a tshwarwa mme ngwana ya sa tswang kotsi o ile a busetswa sepetlele, moo a ileng a kopanngwa hape le mmae wa mannete hoseng ho latelang lateng.
Diketso tsa ditho tsa setjhaba tse neng di na le seabo phumanong ya ngwana, di tlameha ho thoholetswa, kaha sena se pepesitse bohlokwa ba Bopolesa ba Setjhaba. 
Bohlokwa ba Bopolesa ba Sekthara bo kentsweng tshebetsong mme ba bolokwa hantle, bo se ke ba ba ba kgellwa fatshe.
Tshwarang jwalo ka mosebetsi o motle, Kanana CPF!
Mofumahadi ya ratehang
Ke hopola hore ebile lehlohonolo hore ke fete  seteisheng sa hao sa sepolesa Mondeor, mme ke kgone ho hlwela jenale ya hao ya SAPS. 
Ke nahana hore e phatlalatswa hang ka kgwedi, ke fumana e le monyaka ho e bala.
Nna le mofumahadi wa ka re qeta ho qala kgwebo e ntjha mme re lakatsa ho mema bohle, kapa ba bang ba basebeletsi ba rona,  ha ba le tikolohong ya rona ho kena  mme ba fumane kopi ya kofi kapa teye mme mohlomong re ka ba le biskiti kapa tse pedi tseo re ka ba fang tsona.
Jwaloka ha ke nahana hore o tla utlwisisa, ho qala kgwebo e ntjha ha ho bonolo mme  ho nka nako e ngata le tjhelete. 
Le ha ho le jwalo, re ntse re dumela hore mapolesa  le mafapha a mang a phethisang molao ke a bohlokwahadi ho baahi bohle ba Afrika Borwa.
Sena ke ho hong feela ho honyane hoo re lakatsang ho le fa hona ho le leboha ka seo le iteletseng sona ho netefatsa hore rona baahi re ka tswela pele ka maphelo a rona.
Re lebeletse ho utlwa ho tswa ho wena, ebile hantlentle ho bona ba bang ba basebeletsi ba hao ba le yunifomong, ba kena lebenkeleng la rona le lenyenyane, mme sena se etsa hore re ba tsebe hantle.
Ke boetse ke a le leboha hape, basebeletsi ba phethiso ya molao ba Afrika Borwa, mabapi le mosebetsi wa lona o matla le boitelo ho etsa hore Afrika Borwa e dule e bolokehile.
Mangolo a makgutshwanyane, a nang le dintlha a ka fekesetswa kapa a emeilelwa ho Mohlophisi.
Re na le tokelo ya ho lokisa diphoso le ho kgutsufatsa mangolo.
<Doc13>
KGOHELETSO HO NKA MEHATO
Ka 14 Phuptjane 2007, e nngwe ya diatekele tse Jenaleng ya Onlaene ya Sepolesa (www.sapsjournalon-line.gov.za) e hlalositse kamoo mapolesa a mabedi a Karolo ya Welkom Vehicle Identification a ileng a tshwarelwa bobodu le boqhekanyetsi.
Jwalo ka ho tlalehilwe, bobedi bona, mosupharithende le inspektara ba rekisitse makoloi a fumanweng ke mapolesa, molemong wa bona. 
Babelaellwa ka bobedi ba hlahile lekgotleng la dinyewe ka 12 Phuptjane mme nyewe e ile ya kgutlisetswa morao ho fihlela ka 21 Phato 2007.
Letsatsi ka mora moo, ka 15 Phuptjane 2007, sehlooho sa ditaba ho News24  se boletse tjena: "Mapolesa a mabedi a tshwaretswe tlatlapo ka dikgoka ". 
Nakong ena e ne e le moithuti wa sepolesa le inspektara eo ho ya kamoo ho tlalehilweng kateng a ileng a tlatlapa lebenkele la diphahlo Marble Hall, moo a ileng a utswa tjhelete, marikgwe le hempe.
Bobodu sepoleseng bo tlameha ho fediswa. 
Ha boholo ba rona re le  baahi ba tshepahalang re bile re sebetsa ka thata, mapolesa a mmalwa ha a itlhomphe ho hang, ha ba hlomphe le yunifomo ya bona kapa Khoutu ya Boitshwaro ya Mapolesa. 
Ke nako jwale hore batho ba mofuta ona o tjena o dihang seriti sa sepolesa o ntshuwe ka metso. 
Mme jwale o ka thusa ho leleka mapolesa a tletseng bobodu ho mohala wa mahala o sa lefellweng. 
O se itsebise hore na o mang!
Haeba o belaela hore e mong wa basebetsimmoho le wena o na le bolotsana, kapa haeba o tseba ka mang kapa mang, ho sa natsehe hore na ke lepolesa kapa tjhe, ditho tsa lelapa, basebetsimmoho, baahelani kapa batho bao o sa ba tsebeng, ba amehang ka ho rala kapa ho ba mmomori wa diketso tsa botlokotsebe, seo o tlamehang ho se etsa ke ho romella SMS ho 32211. 
Sena ke nomoro e ntjha ya laene ya botlokotsebe ya naha e ileng ya thakgolwa haufinyane ke Primedia ho la Sandton. 
O ka romella SMS  ho 32211 (ka tefo ya R1 sms ka nngwe) kapa wa hlwela www.crime-line.co.za. 
Batlanyi ba kwetlisitsweng ba dintlha ba o emetse ho fetisetsa lesedi ho sepolesa, se tla tlola matjato ka ho panya ha leihlo! 
Seo e leng sa bohlokwa ke ho re o tla dula o sa tsejwe. 
Jwale o na le matla a ho thusa ho lwantsha botlokotsebe ntle le ho beha tshireletso ya hao tsietsing.
Boitlami bona ba Primedia ha bo tshepise ditlhapiso tsa letho. 
Yusuf Abramjee, Mohokahanyi wa Primedia Anti-crime  Project, o itse: "Ha re batle lebitso la hao kapa aterese ntle le haeba o ithaopa ho re fa yona mme ha ho hlokehe hore o etse disetatemente kapa ho hlaha makgotleng a dinyewe. 
Seo re se batlang ke lesedi ka ditlokotsebe e le hore mapolesa a tsebe ho sebetsana le taba eo."
Letsholo lena le letjha le kgahlanong le botlokotsebe la dimilionemilione la naha le ile la thakgolwa ke Primedia ho la Sandton ka 7 Phuptjane 2007. 
Le itshetlehile ho tshebetso ya Crime Stoppers International. 
Crime Stoppers e qadile Albuquerque, New Mexico, ka Loetse 1976. 
Ke setlamo mahareng a setjhaba, media le boemedi bo phethahatsang molao mme se entswe ho thibela botlokotsebe le ho sireletsa baahi. 
Kajeno, ho na le diporokgeramo tse ka bang 1 200 tsa Crime Stoppers  ho phatlalla le lefatshe tse sebetsang dinaheng tse 20 tse sebedisang lesedi leo ho fanweng ka lona ke setjhaba ho thusa ho rarolla botlokotsebe. 
Ho ya ka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Primedia Ltd, Mong. William Kirsh, diporokgeramo tsena di thusitse ho tshwara  dinokwane tse 600 000!
Seo lepolesa le leng le le leng le tlamehang ho se tseba ka letsholo lena le letjha le kgahlanong le botlokotsebe, ke ho re le na le tshehetso e feletseng ya Letona la Tshireletso le Polokeho, Mong. Charles Nqakula le Mokomishenare wa Naha wa sepolesa Jackie Selebi. 
Mokomishenare Selebi o tshepisitse hore "jwalo ka mokgatlo, re tlo sebetsa ka thata hore porojeke ena e sebetse." 
Potso ke ho re na re tlo etsang ka sena? 
Ho hlokeha tshehetso ya bohle, e seng feela ho nka bohato hanghang ha o fumana lesedi ho tswa setsing sa laene ya botlokotsebe, empa hapehape ho bapatsa letsholo lena hohle moo ho kgonehang.
Bolella batho, di-CPF, dikolo, ditho tsa lelapa la hao le metswalle ka boithaopo bona. 
Netefatsa hore ba utlwisisa hore letsholo lena ha le tshepise ditlhapiso tsa letho, hore ba tla dula ba sa tsebahale ho sa natsehe maemo. 
Boela o hopole hore sena ha se laene ya tlokotsi. 
Batho ba tlameha ho nne ba tlaleha ditlokotsi ho 10111 kapa dipoleseteisheneng tse haufi le bona.
Ka tshebediso ena  ya letsholo le kgahlanong le botlokotsebe media e batlile thusano le sepolesa. 
Ba batla ho re thusa ho etsa hore Afrika Borwa e be sebaka se bolokehileng ho bohle. 
Ha ho thakgolwa boithaopo ba  mohala wa  botlokotsebe, John Robbie, wa lenaneo la hoseng la Talk Radio 702, o ile a fana ka metjhine e 65 ya  ID Tool  ho sepolesa. 
Mong. Robbie o sa tswa ipiletsa moyeng ho bamamedi ho phehisa  mabapi le metjhine ena ya ID Tool. 
Morekisi wa metjhine ena, Face Technology, le yena o bile le seabo, moo a ileng a fokotsa theko ya metjhine, e leng se ileng sa kgontsha dikhampani  tseo sethathong di ileng tsa nehelana ka tjhelete e ngata mabapi le motjhine o le mong ho reka e mmedi.
Primedia le John Robbie ha se bona feela ba hlileng ba thusang sepolesa  twantshong ya  botlokotsebe. 
Bala e nngwe ya  dipale tse tswileng ka mahetla Jenaleng ya sepolesa kapa Jenaleng ya Inthaneteng ya sepolesa mme o tla bona kamoo dinyewe di rarolotsweng kateng ka thuso ya  ditho tsa setjhaba.
Ka letsholo lena le letjha le kgahlanong le botlokotsebe tshebetsong, ditlokotsebe, ho kenyeletswa tse mmalwa tse nang le bobodu tshebetsong, di ka tseba ntho e le nngwe ya mannete ... matsatsi a bona a a balwa.
<Doc14>
ETQA akrediteishene ya mofani wa ditshebeletso
Ditshebeletso tsa Mmuso wa Afrika Borwa
Kopo ho ETQA mabapi le akrediteishene jwalo ka mofani wa thuto le thupelong
Tlhaloso
Melawana e sebetsang makalaneng a Netefaletso ya Boleng ba Thuto le Thupelo (ETQA)  tlasa Molao wa Afrika Borwa wa Mangolo a Thuto (SAQA) e hloka  hore bafani ba ditshebeletso tsa thuto le thupelo ba etse kopo ya akrediteishene ho ETQA. 
Hore o fumane akrediteishene, bafani ba thuto le thupelo ba tlameha hore ba ngodiswe ho latela molao o tshwanelang. 
Molao o amanang le Thuto e Phahameng le Thupelo o tlama hore bafani koafela ba thuto le thupelo ba nehelanang ka mangolo a feletseng ba ngodiswe le Lefapha la Thuto.
Mofani wa thuto le thupelo o tlameha ho fana ka maemo a diyuniti/kapa mangolo a welang tsepamong ya motheo ya lekala la Netefaletso ya Boleng ba Thuto le Thupelo (ETQA) la Molao wa Sekthara wa Thuto le Thupelo (SETA) kapa Lekala la Seprofeshenale.
Ditlhoko tsa akrediteishene:
* Ditlhoko tsa akrediteishene di fumanwa ka hara tokomane e bitswang Makgetha le Ditataiso mabapi le Bafani mme e fumaneha webosaeteng ya SAQA.
*Diporokgeramo (le/kapa ditekanyetso) tseo ho fanwang ka tsona ke mofani wa thuto le thupelo di fella moo maemo a diyuniti le/kapa mangolo a ngodiswang ho Moralo wa Mangolo a Thuto a Naha (NQF).
* Kharikhulamo (moralo, dikateng le disebediswa tsa ho ithuta) e amahanngwa le maemo a diyuniti le/kapa mangolo.
*Ho na le basebeletsi ba rupeletsweng ka botlalo (batataisi le balekanyetsi ba ngodisitsweng).
* Baithuti ba ka fumana ditshebeletso tse feletseng tsa ditshehetso tsa ho ithuta.
* Mekgwa ya ho lekanyetsa le disebediswa tse sebediswang ho hlahloba ditlhoko mabapi le maemo a yuniti le/kapa mangolo ke e se nang leeme, e tsitsitseng le e tshepehang, mme e sebediswa ho matlafatsa ho ithuta.
Mehato eo o ka e latelang
* Romela lengolo la maikemisetso a hao a ho fumana akrediteishene jwaloka mofani wa thuto le thupelo ho ETQA e loketseng
* Nehelana ka foromo ya boitlhahlobo le foromo ya kopo ho ETQA
* Ha o sa fuwa akrediteishene mme o dumela hore ha o a sebeletswa ka mokgwa o motle, o na le tokelo ya ho ipiletsa
Lenane la diETQA le moo ba ka fumanehang di ka fumanwa webosaeteng ya SAQA.
E ka nka ho fihla ho bonyane dikgwedi tse 6.
Tshebeletso ke ya mahala.
Diforomo tse tlamehang ho tlatswa.
Diforomo tsa kopo tsa akrediteishene tsa mofani le ditokomane tse amehang di ka fumaneha ho ETQA e amehang.
Moo o ka fumanehang teng – Kgetha e le nngwe:
