<Doc01>
Boemedi ba Afrika Borwa ya Tshireletso ba Setjhaba  
Tumellano ya Tlhokomelo ya Bareki
Re a o amohela ho Tumellano ya rona ya Bareki
Re batla hore wena, moreki wa rona, o re hlahlobe ho ya ka maemo a tshebeletso ao re a hlahisitseng ka hara tumellano ena.
Re tla o sebeletsa ka tlhompho le ho o fa tshebeletso e lokileng ho kgema le maano a BATHO PELE.
Re a itlama jwalokaha e le karolo ya boikarabelo ba rona ho fana ka tshebeletso ya maemo a phahameng lefatsheng, ho o fa dintlha tse nepahetseng, keletso le thuso ditshebeletsong tsa rona tsohle.
Sepheo sa Tumellano
Tumellano ena e o tsebisa ka maemo a tshebeletso eo o ka e lebellang ho Boemedi ba Afrika Borwa ba Tshireletso ya Setjhaba (SASSA).  
SASSA ke katoloso ya karolo ya tshebetso ya mmuso e laolang phano ya ditjhelete tsa thuso ya setjhaba ho baahi ba Afrika Borwa.
Re itlama
Ho fana ka ditshebeletso tsa tshireletso ya setjhaba tsa boleng, ka theko e tlase le ka bohlwahlwa ka ho sebedisa mekgwa e lokileng ka ho fetisisa.
Seo o ka se lebellang ho rona
Phahamiso le paballo ya seriti sa botho, Sephiri, Seriti sa boitlhompho, Kgotsofatso, Ponaletso le Tekatekano.
Ka hohle ho Boemedi ba Afrika Borwa ba Tshireletso ya Setjhaba, re tla
O fa dintlha le keletso mabapi le dithuso tsohle tseo o ka di kopang.
O fetisetsa ho dibakeng tse ding tse ka rarollang ditlhoko tsa hao.
O thusa ho tlatsa diforomo tsa rona le ho etsa kopo ya dithuso.
Boloka dintlha tseo o re fang tsona e le sephiri.
Hlompha ka nako tsohle Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, melao e laolang tshebeletso ya setjhaba le molao wa boitshwaro wa tshebeletso ya setjhaba
O sebeletsa ka puo eo o e kgethileng.
Sebetsa ka kopanelo le batho bao re ba sebeletsang le ba bang ba amehang.
Tsitlallela ntlafatso e tswellang ya tlhahiso ya tshebeletso e le ho fihlella ditebello tsa hao
Ho ikopanya le rona
Ka nako le nako ha o ikopanya le rona ka bowena, mohala, lengolo kapa imeile, ho tla etsahala tse latelang:
Moemedi wa tshebeletso ya bareki eo o sebetsanang le yena o tla itsebahatsa.
Bakeng sa ditletlebo ka mohala kapa ka bowena ba hao, re tla rarolla ditletlebo tsa hao ka potlako.
Haeba re ke ke ra rarolla bothata ka potlako, re tla fana ka mabaka le ho tsebisa moreki hore a ka lebella karabo neng.
Re tla o fa nomoro ya boitsebiso ho etsa hore o kgone ho botsisisa ka patlisiso ya hao
Re tla tsebisa ka ngollano efe kapa efe eo o e rometseng mme re tla sebetsana le tletlebo nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso.
Haeba re ke ke ra o araba ka botlalo nakong ya matsatsi a 7 a tshebetso, re tla o tsebisa lebaka le hore o ka lebella karabo neng.
Re tla leka ho rarolla tletlebo ya hao nakong ya matsatsi a 21 a tshebetso.
Ha o re letsetsa, re ikemisetsa ho araba mohala wa hao ka potlako kamoo re ka kgonang ka puo ya semmuso eo o e kgethileng.
Re tla o tsebisa ka qeto ka nngwe mabapi le nyehelo ya hao ka ho o ngolla
Diofising tsa SASSA
Ha o fihla ho e nngwe ya diofisi tsa rona, basebetsi ba rona ya thuso ba tla o thusa ka potlako. 
Diofisi tsohle tsa rona di bulwa ka 08h00 ho fihlela ka 16h30, ka Mantaha ho fihlela ka Labone le ho tloha ka 08h00 ho fihlela ka 16h00 ka Labohlano.  
Diofising tsa rona le dibakeng tsa tefelo o tla ba le hona ho fihlella tse latelang:
Boinotshi 
Dibaka tse ntle tsa kemelo
Matlwana
Thuso ya bongaka haeba ho tsebisitswe esale pele ka tlhoko e jwalo
Re tla tla ho wena, haeba, ka lebaka la ho kula, o sitwa ho tla diofising tsa rona.  
O ka re letsetsa mme re tla hlophisa ho o etela lapeng. 
Ho sebetsana le kopo ya hao ya tjhelete ya thuso ya setjhaba
Re tla qala ho sebetsana le kopo ya hao ka lona letsatsi leo.
Re lokela ho etsa bonnete ba hore o na le tokelo ka molao ho fumana thuso.
Re ipehetse dinako tsa ho sebetsana le kopo ena ya hao le ho lefa thuso ya hao matsatsing a 90.
Re tla o eletsa ka tokelo ya hao ya ho ipiletsa haeba kopo e hannwe, e kginnwe nakwana kapa e hlakotswe
Ho etsa qeto.
Haeba re etsa qeto ka kopo ya hao ya thuso mme o nahana hore e fosahetse, kapa o rata ho fumana dintlha tse ding mabapi le qeto ena, o ka etsa tse latelang:
Re kope ho hlalosa qeto ka dintlha tse ding tse ngatanyana mme re tla sebetsana le kopo ya hao.
O ka etsa boipiletso feela matsatsing a 30 a letsatsi le hlahellang lengolong la qeto.
O ka fumana faele ya hao bakeng sa dintlha dife kapa dife tseo o ka di hlokang.
Boikarabelo ba hao e tla ba
Ho re fa:
Aterese ya hao e nepahetseng ya poso le aterese ya hao e nepahetseng ya bodulo.
Diphetoho tsa maemo a hao a bophelo jwaloka lekeno kapa moputso, aterese, maemo a bophelo mmeleng, jwalojwalo.
Dintlha tse tshepahalang, tsa nnete, tse nepahetseng le tse feletseng kapa tlhaloso ka nako tsohle.
Karabo e potlakileng ho dingollano tsohle tsa rona ho kenyeletswa le ditekolobotjha kapa dintlha dife kapa dife tseo o di kotjwang.
Na ha o a kgotsofalla ditshebeletso tsa rona?
Haeba o sa kgotsofalla tshebeletso ya rona hobane:
Re nkile nako e telele haholo ho hlophisa thuso le/kapa ha o a fumana tefo ya hao ka nako.
Boitshwaro ba mosebeletsi wa rona bo ne bo sa thabise.
Basebetsi ba rona ba entse phoso kopong ya hao kapa ba o file keletso e fosahetseng.
Mabapi le phoso ya rona ka boikemisetso /eseng ka boikemisetso 
re tsebise mme re tla lokisa phoso efe kapa efe eo re e entseng ka potlako.  
Haeba o batla ho hlahisa boipelaetso, ka kopo re ngolle kapa o re letsetse mme o kope ho fetisetswa yuniting ya rona ya tlhokomelo ya bareki.
Re tla buisana le wena mabapi le ditshebeletso tsa rona
Re thahasella maikutlo a hao mabapi le ditshebeletso tsa rona. 
Re tla sebedisa dintlha tseo o re fang tsona ho ntlafatsa ditshebeletso tsa rona.
Ka kopo re romelle maikutlo a hao mabapi le mokgwa ofe kapa ofe o latelang mona ka tlase:
Letsetsa setsi sa rona sa mehala nomorong ya mohala ya mahala-0800 601 011
Tlatsa karete ya maikutlo a moreki e fumanwang diofising tsa rona esita le dibakeng tsa tefello.
Etela webosaete ya rona ho www. sassa.gov.za
Etela sebaka sefe ka sefe sa rona sa boikopanyo. 
(Setereke, lehae, dibaka tsa tshebeletso le tsa tefello)
Tlisa ditaba tse ngotsweng ho efe kapa efe ya diofisi tsa rona.
Dipotso kapa maikutlo mabapi le tumellano ena
Haeba o batla dintlha dife kapa dife mabapi le tumellano ena, etela e nngwe ya diofisi tsa rona. 
O ka fumana tumellano ena ka Boreili, theipi ya kutlo le CD, haeba o e kopa.
Tumellano ena e tla qala ka la 01/04/2007 mme e tla lekolwa botjha ka selemo le selemo ho kenyeletsa maikutlo a hao.
<Doc02>
Dipalopalo tsa Afrika Borwa - Ditaba
Ka hara Dipalopalo: Ditlhoko tsa dipalopalo di tla eketseha ha demokrasi e ntse e matlafala
Atikele ena phatlaladitswe lekgetlo la pele ho Pehelo ya Kgwebo ka la 05 Phato 2004
Vekeng e fetileng ke ile ka ba teng kopanong ya lebatowa ya lekgotla la boeletsi ho Setsi sa Kwetliso ya Dipalopalo tsa Afrika Botjhabela mane Tanzania, moo ke bileng le monyetla wa ho ba teng moketeng wa dikapeso tsa selemo le selemo wa setsha wa lekgetlo la 39, moo basebetsi ba bahlano ba Dipalopalo tsa Afrika Borwa ba bileng le seabo teng.
Kwetliso ya basebetsi ba Dipalopalo tsa Afrika Borwa ke taba e ratwang haholo ke mokgatlo. 
Hang kamora ho amohelwa ke le radipalopalo wa kakaretso, Dipalopalo tsa Afrika Borwa, hammoho le Lekgotla la Dipalopalo, di kgakotse letsholo la bohlokwa la patlisiso ya diinstitjushene tse fanang ka kwetliso e tshwanelehang ka dintlha tsa semmuso.
Re hlwaile diinstitjushene tse pedi: setsha sa kwetliso mane Dar es Salaam, Tanzania, le Institjute ya Dipalopalo le Thuto ya Tshebediso ya Moruo mane Uganda.
Setsha sena sa kwetliso se theilwe ka 1965 ke UN Khomishene ya Moruo wa Afrika, Mokgatlo wa Ditshebeletso tse Tlwaelehileng wa Afrika Botjhabela le UN Lenaneo la Ntshetsopele.
Ka 1977, keha mmuso wa Tanzania o se o laola o tswela pele ho laola setsha, mme wa eketsa palo ya dinaha tsa Afrika tseo o di sebeletsang ho ba 13.
Institjute ya Uganda e ne e thehwe ka 1969, ka hara moralo wa molao wa Yunivesithi ya Makerere. 
Sepheo sa yona se boletsweng e ne e le kwetliso ya boemo bo phahameng ba ditsebi tse hlwahlwa ho tsa dipalopalo le ho thuto ya tshebediso ya moruo.
Ka dilemo tse tharo tse fetileng, Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa le nnile ya romela basebetsi diinstitjusheneng tsena.
Ka selemo se fetileng, sehlopha sa pele se ile sa qeta dithuto. 
Esale ba kgutla, ba ile ba bontsha boiteko bo matla ba tshebetso, mme ba bang jwale ba kene maemong a bolaodi.
Leha ho le jwalo, Dipalopalo tsa Afrika Borwa di tobane le diphephetso tse ntjha. 
Tlhoko ya dintlha tsa dipalopalo bakeng sa ho etsa qeto, ho dikarolo tsohle tse tharo tsa mmuso, e eketsehile haholo. 
Ka ho qolleha, batho ba kwetlisitsweng bakeng sa ho bokella le ho sebedisa dintlha boemong ba mmasepala e ba ntho ya bohlokwa.
Bakeng sa ho phethisa tlhoko ena, re tla tshwanela ho kwetlisa batho ba ba kalo ka 2 000 ka selemo.
Setsha sa kwetliso sa Tanzania le sa Uganda Institjute ya Dipalopalo le Thuto ya Tshebediso ya Moruo di ke ke tsa kgema le tlhoko eo e phahameng.
Ha le bula seboka sa Afrika Borwa sa Mokgatlo wa Dipalopalo selemong se fetileng, letona Trevor Manuel o ile a phephetsa diyunivesithi tsa Afrika Borwa ho sebetsana le tlhokeho ya boitsebelo ba dipalopalo bo fumanehang ho thusa mmuso ho etsa diqeto tse nang le mabaka tse theilweng hodima dintlha tse nepahetseng tsa dipalopalo.
Dipalopalo tsa Afrika Borwa di qadile ka dipuisano le diyunivesithi ka sepheo sa ho hlahisa kwetliso e jwalo. 
Leha ho le jwalo, ha jwale ha ho na yunivesithi ya Afrika Borwa e fanang ka dithuto tsa dipalopalo tsa molao.
Dipalopalo tsa Afrika Borwa di rera ho theha institjute ya dipalopalo haufinyana, e fanang ka kwetliso ya dipalopalo tsa molao bakeng sa basebetsi ba ka hare esita le basebetsi ba tswang mafapheng a mang.
Phethahatso ya tshebetso ya dipalopalo tsa naha e tla qetella ka tlhoko ya ho theha diyuniti tsa dipalopalo ka hara mafapha a fapaneng a mmuso, e baka tlhoko e bileng e phahameng bakeng sa bokgoni ba boitsebelo bo matla ba dipalopalo.
Leha ho le jwalo, ntshetsopele ya bokgoni ba dipalopalo e amana le ho feta tlhoko ya mmuso ya dintlha tse nepahetseng.
Dipalopalo di ama pelo ya demokrasi. 
HG Wells, qalong ya ngwahaketekgolo wa 20, o ile a hlahisa maikutlo a hore ka nako e tlang, dipalopalo di tla ba bohlokwa ho setjhaba jwaloka bokgoni ba ho bala le ho ngola.
Dipalopalo tsa setjhaba ke phihlello ya moraorao ya moetlo e hlahileng hammoho le ho thehwa ha demokrasi. 
Ka hara maemo a Afrika, moo demokrasi e leng ntho ya moraorao haholwanyane, re tla bona keketseho e bonahalang ya tlhokeho ya dipalopalo tsa setjhaba ha demokrasi e ntse e matlafala.
Ditsebi tsa dipalopalo ke beng ba maano a ponaletso a demokrasi bakeng sa tekanyo le phihlello, mme ka tsela e jwalo ba na le boikarabello.
Seo ke seo e leng sa bohlokwa bakeng sa boikemisetso ba ho eketsa bokgoni ba dipalopalo, le ho ntshetsa pele diinstitjushene tse tshwanelehang bakeng sa katoloso e kgolo e potlakileng bakeng sa ho ruta dintlha tsa molao.
Pali Lehohla ke radipalopalo-kakaretso ebile ke hlooho ya Dipalopalo tsa Afrika Borwa.
Bakeng sa dintlha tse ngatanyana mabapi le Dipalopalo tsa Afrika Borwa le ditlhahiso tsa yona, etela www.statssa.gov.za kapa o letsetse (012) 310-8600
<Doc03>
Matsatsi a 16  a Ketso ya Thibelo: na o ne o tseba?
Ho tloha ka 1994, Mmuso o ile wa hlahisa molao o lokisang diphoso tse amang basadi le bana.
Molao wa Phahamiso ya Tekatekano le Thibelo ya Kgethollo ka leeme wa 2000 o ile wa hlahiswa e le ho etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong o na le ditokelo tsa Molao wa motheo. 
Molao ona o etsa bonnete ba hore basadi ba na le thabo e lekaneng ya ditokelo le tokoloho, bakeng sa ho lokisa diphoso tsa nako e fetileng.
Molao wa Tekatekano ya Kgiro wa 1998, o etsa bonnete ba hore kgethollo kgirong, mosebetsing le ho lekeno mmarakeng wa mesebetsi, tse bakilweng ke melao ya kgethollo, di fedisitswe. 
O kgothaletsa kemelo ya tekatekano ya basadi le batho bao kgale ba neng ba se na menyetla maemong ohle a ditheo tsa setjhaba le tsa poraefete.
Molao wa Tlhokomelo ya kgodiso wa 1998 o tiisa ditokelo tsa ngwana bakeng sa bophelo bo tshwanelehang bo lekaneng bakeng sa ntshetsopele ya mmele, kelello, moya le tswelopele ya setjhaba. 
Molao o etsa bonnete ba hore tlhokomelo ya ngwana e fumanwa ho batswadi kapa batho ba bang ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela ngwana ka ditjhelete.
Molao wa Dikgoka ka Malapeng wa 1998 o ile wa sebediswa ho baballa mahlatsipa a dikgoka tse matla tsa tlhekefetso ya ka lapeng. 
Basadi, bao tlhekefetso ya malapeng e etswang ho bona, ha jwale ba na le tokelo ya molao e tla etsa bonnete ba tshireletso ya bona.
Molao wa Bana wa 2005 le Molao wa Phetolo wa Bana wa 2007 e ile ya sebediswa hore hara tse ding, e baballe ngwana kgahlano le tshotlo, ho se tsotellwe, tlhekefetso kapa nyefolo.
Mmuso o sebedisitse le ho tshehetsa dithuso tse ngata tse babaletseng seriti sa botho ba basadi le bana.
Tumellano ya Ditokelo tsa Bana e lekotswe botjha mme ya hlophiswa botjha ho kenyeletsa diphephetso tse hlahang tse jwaloka tshebediso ya bana e le disebediswa tsa pepeso ya maponopono le ho bontsha bana thepa ya maponopono.
Mmuso o arabetse phephetso ya lenyalo la qobello la bana ho batho ba baholo ka boikgakanyo ba hore ke moetlo o bitswang  "Ukuthwala". 
Mmuso o itlamme ho etsa bonnete ba hore meetlo ya setso le e meng e kgema le Molao wa motheo le molao o tshwanelehang.
Tshebetso e se e ntse e tswela pele ya ho theha botjha diyuniti tse ikgethang tsa sepolesa tse sebetsanang le ditlolo tsa molao tsa ka lapeng le tsa thobalano le ditlolo tse ding tsa molao kgahlano le bomme le bana. 
Ho thehwa ha diyuniti tse ikgethang ho tla ntshetsa pele le ho hodisa bolaodi le kahlolo e atlehileng ya ditlolo tsa molao kgahlano le basadi le bana.  
Ha jwale ho na le ditsha tse 17 tsa Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela tse theilweng ho potoloha naha ditjhabeng tse nang le diketsahalo tse ngata tsa tlhekefetso ka thobalano. 
Ditsi di fana ka ditshebeletso tsa bophelo le boiketlo le ho qala mesebetsi ya ho tsebahatsa le ho ahlola ditlolo tsa molao tikolohong e itlhomphileng e nang le tlhokomelo ka ditsebihadi tse nang le mangolo a tshwanelehang a boitsebelo.
Matlole a Kgapo ya Matlotlo ho Ditlokotsebe a sebedisitswe ho thusa ditshebetso tse 19 tsa matlafatso ya mahlatsipa.
Ho ile ha thehwa Tataiso ya Ditshebeletso tsa Mahlatsipa a Dikgoka le Botlokotsebe e nang le ditshebeletso tse fanweng ke mekgatlo e fetang 1 500 ya mmuso le ya setjhaba diprovenseng tsohle. 
Tataiso e matlafatsa batho ho fihlella ditshebeletso tse fumanwang sebakeng sa bona. 
Dibaka tse nang le molemo ho mahlatsipa di theilwe diteisheneng tsa sepolesa tsa ditlolo tse phahameng tsa molao
Makgotla a dinyewe a hlwahlwa a Tlolo ya Melao ya Thobalano a ile a thehwa.
Molao wa Dikgoka tsa ka Malapeng o sebeditse ho theha ditshireletso. 
Ha jwale ho na le ditshireletso tse 96 mona Afrika Borwa, ho tloha ho tse 39 ka 2001.
Ditokelo tsa Tumellano ya Mahlatsipa  di fetoletswe ho ba nnete bakeng sa mahlatsipa a ditlolo tsa molao a amanang le Tshebetso ya Toka ya Thibelo ya Botlokotsebe
Tumellano ena e kenyeletsa Maemo a tlase a Ditshebeletso tsa Mahlatsipa a Botlokotsebe, a hlahisang moralo wa molao e le hore mahlatsipa a totobatse ditokelo tsa ona bakeng sa ditshebeletso tse lebeletsweng tse tswang ho Tshebetso ya Toka ya Thibelo ya Botlokotsebe. 
Ka tshebediso ya Tokomane ya Mahlatsipa, palo ya matsatsi ao e a nkileng ho qetella nyewe ya Lekgotla la Dinyewe tsa Ditlolo tsa Thobalano e theohile ho tloha ho 285 ho isa ho 142.
Tumellano ebile ke tshwanelo ya Mmuso wa Afrika Borwa ho phethahatsa mosebetsi wa yona wa matjhaba ho ya ka Dinaha tse kopaneng (UN) Phatlalatso ya Maano a Motheo a Toka ya Mahlatsipa a Botlokotsebe le Tshebediso e fosahetseng ya Matla.
Tshebediso ya matjhaba bakeng sa ho rarolla diphephetso tsa tlhekefetso kgahlano le bomme le bana.
Afrika Borwa e fane ka pehelo ya yona ya tshebetso e entsweng ya tshebediso ya Seboka sa Tshekisetso le kgethollo kgahlanong le basadi ho komiti ya UN CEDAW.
Afrika Borwa e ile ya tshwara kopano ya Matona ya Ditjhaba tsa Ntshetsopele ya Afrika e ka Borwa (SADC) (Mphalane 09) ho qetella moralo wa tshebetso wa lebatowa wa dilemo tse 10 mabapi le tshotlo ya batho, haholoholo basadi le bana.
Leano la Bong le Tswelopele ya SADC e bolela hore Dinaha tseo e leng Ditho tsa SADC di tla ba le molao o lwantshanang le tlhekefetso ka thobalano.
Afrika Borwa e ile ya tshwara Seboka sa Lebatowa sa Toka ya Bong (9–10 Pudungwana 2009), ya bokella hammoho baemedi ba tswang dinaheng tsa Afrika ho tla buisana ka boiphihlelo ba tsona le mekgwa e lokileng ka ho fetisisa ya ho fedisa tlhekefetso ka thobalano le tlhekefetso e amang bong.
O se tadime hosele, lwantshana le tlhekefetso
<Doc04>
Polelo ya Boinotshi  
Lefapha la Matlo le itlamme ho tshireletsa boinotshi ba hao le ho theha theknoloji e o fang boiphihlelo bo matla ka ho fetisisa le boiphihlelo bo bolokehileng ka mehala. 
Polelo ena ya Boinotshi e sebetsa ho webosaete ya Lefapha la Matlo mme e laola pokello ya dintlha le tshebediso. 
Ka ho sebedisa webosaete ya Lefapha la Matlo, o dumela tshebediso ya dintlha e hlalositsweng polelong ena.
Pokello ya Dintlha tsa botho ba hao
Lefapha la Matlo le bokella dintlha tse hlwayang bowena, jwaloka aterese ya hao ya imeile, lebitso, aterese ya ntlo kapa mosebetsi kapa nomoro ya mohala. 
Lefapha la Matlo le bile le bokella dintlha tse sa tsebahaleng tsa bodulo, tseo eseng tsa hao o le mong, jwaloka khoutu ya hao ya ZIP, dilemo, bong, ditabatabelo, dithahasello le dithatohatsi.
Ho bile ho na le dintlha mabapi le disebediswa tse thata le disebediswa tse bonolo tsa khomphutha ya hao tse bokeletsweng ka ho otloloha ke Lefapha la Matlo. 
Dintlha tsena di ka kenyeletsa: aterese ya hao ya IP, mofuta wa braosara, mabitso a domeine, dinako tsa phihlello le diaterese tsa tekolo tsa webosaete. 
Dintlha tsena di sebedisitswe ke Lefapha la Matlo bakeng sa tshebetso ya tshebeletso, e le ho baballa boleng ba tshebeletso, le ho fana ka dipalopalo tsa kakaretso mabapi le tshebediso ya webosaete ya Lefapha la Matlo.
Hopola ka kopo hore ha o tsebahatsa ka ho otloloha dintlha tse hlwayang bowena kapa dintlha tse hlokolotsi tsa botho ba hao ka ho sebedisa diboto tsa melaetsa ya setjhaba tsa Lefapha la Matlo, dintlha tsena di ka bokellwa mme tsa sebediswa ke ba bang. 
Hlokomela: Lefapha la Matlo ha le bale dipuisano dife kapa dife tsa hao tsa mehala ya poraefete.
Lefapha la matlo le o kgothaletsa ho lekola botjha dipolelo tsa boinotshi tsa diwebosaete tseo o kgethang ho amana le tsona ho tswa ho Lefapha la Matlo e le hore o utlwisise kamoo diwebosaete tseo di bokellang, di sebedisang le ho buisana ka dintlha tsa hao. 
Lefapha la Matlo ha le na boikarabelo bakeng sa dipolelo tsa boinotshi kapa ditaba tse ding tsa webosaete ka ntle ho Lefapha la Matlo le lelapa la diwebosaete tsa Lefapha la Matlo.
Tshebediso ya Dintlha tsa botho ba hao
Lefapha la Matlo le bokella le ho sebedisa dintlha tsa botho ba hao e le ho sebedisa webosaete ya Lefapha la Matlo le ho hlahisa ditshebeletso tseo o di kopileng. 
Lefapha la Matlo le bile le sebedisa dintlha tse hlwayang bowena ba hao ho o tsebisa ka dihlahiswa tse ding kapa ditshebeletso tse fumanwang ho Lefapha la Matlo le ba amanang le lona. 
Lefapha la Matlo le ka ikopanya le wena ka dipatlisiso e le ho etsa diphuputso mabapi le maikutlo a hao ka ditshebeletso tsa hona jwale kapa ka ditshebeletso tse ntjha tseo ho bonahalang ho ka kgonahala hore di etswe.
Lefapha la Matlo ha le rekise, ha le hire kapa ho hirisa manane a bareki ba lona ho batho ba boraro. 
Ka nako le nako, Lefapha la Matlo le ka ikopanya le wena lebitsong la balekane ba lona ba kgwebo ba ka ntle mabapi le mpho e ikgethileng eo o tla e thahasella haholo. 
Maemong ao, dintlha tsa hao tse ikgethileng tseo o ka tsejwang ka tsona (imeile, lebitso, aterese, nomoro ya mohala) ha di fetisetswe ho motho wa boraro. 
Ho feta mona, Lefapha la Matlo le ka buisana le balekane ba lona ba tshetjwang e le ho re thusa ho phethahatsa tlhophollo ya dipalopalo, ho o romella imeile kapa mangolo ka poso, ho fana ka tshehetso ho bareki, kapa ho hlophisetsa tlhahiso. 
Batho bana bohle ba boraro ba thibetswe ho sebedisa dintlha tsa botho ba hao ka ntle le ho fana ka ditshebeletso tsena ho Lefapha la Matlo, mme ba tshwanela ho baballa sephiri sa dintlha tsa hao.
Lefapha la Matlo ha le sebedise kapa ho pepesa dintlha tsa botho ba hao tse hlokolotsi, jwaloka morabe, bodumedi, kapa ditshekamelo tsa sepolotiki, ka ntle ho tumello ya hao e hlalosehileng hantle.
Lefapha la Matlo le hlokomela ka ho latella diwebosaete le maqephe ao bareki ba rona ba a etelang ka hara Lefapha la Matlo, e le ho fumana hore ke ditshebeletso dife tsa Lefapha la Matlo tse tummeng haholo. 
Dintlha tsena di sebediswa ho hlahisa ditaba le ho etsa papatso ka hara Lefapha la Matlo ho bareki ba bonahalang ka boitshwaro ba bona hore ba thahasella sehlahiswa se itseng.
Diwebosaete tsa Lefapha la Matlo di tla pepesa dintlha tsa botho ba hao, ka ntle ho tsebiso, ha feela di tshwanela ho etsa jwalo ka molao kapa ka tumello ya nnete ya botshepehi hore ketso e jwalo e a tshwaneleha ho: (a) kgema le dipehelo tsa molao kapa ho kgema le tshebetso ya molao e etseditsweng Lefapha la Matlo kapa setsha; (b) baballa le ho tshireletsa ditokelo kapa thepa ya Lefapha la Matlo; le, (c) ho sebetsa tlasa maemo a tshwanelehang ho baballa polokeho ya botho ba basebedisi ba Lefapha la Matlo, kapa setjhaba.
Tshebediso ya Dikhukhi 
Webosaete ya Lefapha la Matlo e sebedisa "dikhukhi" ho thusa ho hlahisa boiphihlelo ba hao ba mehala ehlile e le ba hao. 
Khukhi ke faele ya sengolwa e behwang ho sesebediswa se thata sa hao ke seva ya webopheiji. 
Dikhukhi di ke ke tsa sebediswa ho phethahatsa mananeo kapa ho tlosa vaerase khumphutheng ya hao. 
Dikhukhi o di filwe ka ho qolleha le ka ho ikgetha, mme di ka balwa feela ke seva ya webe ka hara domeine e o fileng khukhi.
Se seng sa sepheo se seholo sa dikhukhi ke ho fana ka mokgwa o bobebe bakeng sa ho o bolokela nako. 
Sepheo sa khukhi ke ho tsebisa seva ya webe hore o kgutletse ho leqephe le itseng. 
Mohlala, haeba o hlahisa maqephe a Lefapha la Matlo e le a hao, kapa o ingodisa ho setsha kapa ditshebeletso tsa Lefapha la Matlo, khukhi e thusa Lefapha la Matlo ho lemoha dintlha tsa hao tse itseng diketelong tsa hao tse ileng tsa latela. 
Hona ho nolofatsa tshebetso ya ho etsa direkoto tsa dintlha tsa botho ba hao, jwaloka diaterese tsa biling, diaterese tsa shiping, le tse ding, jwalojwalo. 
Ha o kgutlela ho webosaete yona eo ya Lefapha la Matlo, dintlha tseo o faneng ka tsona pele di ka fumanwa hape, ka tsela e jwalo, o ka sebedisa ka bobebe matshwao a Lefapha la Matlo ao o a kgethileng.
O na le bokgoni ba ho amohela kapa ho hana dikhukhi. 
Diwebe braosara tse ngata di dumela dikhukhi ka ho otloloha, empa hangata o ka fetola seting ya braosara ya hao ho hana dikhukhi haeba o kgetha jwalo. 
Haeba o kgetha ho hana dikhukhi, o ka nna wa se ke wa kgona ho fumana matshwao a tshebedisano a ditshebeletso tsa Lefapha la Matlo kapa diwebosaete tseo o di etelang.
Tshireletso ya Dintlha tsa hao tsa botho
Lefapha la Matlo le sireletsa dintlha tsa botho ba hao hore di se fihlellwe ka ntle ho molao, ho sebediswa kapa ho pepeswa.
Lefapha la Matlo le sireletsa dintlha tseo o ka tsejwang ka tsona tseo o fanang ka tsona ho diseva tsa khomphutha tikolohong e laolehang, e tshireleditsweng, e babaletsweng kgahlano le ho fihlellwa ka ntle ho molao, ho sebediswa kapa ho pepeswa. 
Ha dintlha tsa botho ba hao (jwaloka nomoro ya karete ya mokitlane) e fetisetswa ho diwebosaete tse ding, e tshireletswa ka ho sebedisa enkripshene, jwaloka leano la Boemo ba Sokete ya Tshireletso (SSL).
Diphetoho ho Polelo ena
Lefapha la Matlo ka nako e itseng le tla ntjhafatsa Polelo ena ya Boinotshi e le ho senola tsebiso ho khamphani le moreki. 
Lefapha la Matlo le o kgothaletsa ho lekola botjha ka nako le nako Polelo ena e le ho tseba ka moo Lefapha la Matlo le baballang dintlha tsa hao ka teng.
Dintlha tsa boikopanyo
Lefapha la Matlo le ananela maikutlo a hao mabapi le Polelo ena ya Sephiri sa Boinotshi. 
Haeba o dumela hore Lefapha la Matlo ha le so kgeme hammoho le Polelo ena, ka kopo ikopanye le Lefapha la Matlo ho webmaster@kznhousing.gov.za.
Re tla sebedisa mekutu e utlwahalang ho lemoha kapele le ho rarolla bothata.
<Doc05>
Puo ya Tonakgolo Ebrahim Rasool moketeng wa Baithuti ba sehlopha sa Materiki
Kajeno re tlile ho thoholetsa baithuti ba rona ba materiki ba hlahelletseng ka hodimo ka ho fetisisa.
Re re ho bona: Le sebeditse hantle! Re motlotlo ka lona, Provense le Naha di motlotlo ka lona, batswadi ba lona ba motlotlo ka lona, mme ho molemo ka ho fetisisa ke hore le lokela ho ba motlotlo ka bolona ba lona.
Lebaka leo re batlang ho ba motlotlo ka lona nakong e kang ena, ke ho ananela hore ena ke nako ya phihlello e hlahang kamora nako e telele ya mathata le boitelo, hore letsatsi la kajeno le bontsha nako ka ho hlaka ho tswa maemong a ka hlaloswang hantle ka ho fetisisa e le a mararane.
Materiki e mararane.
Ka nako ya dilemo tse leshome tse fetileng re ile ra tshwanela ho fetola tshebetso yohle ya thuto ho tswa tshekamelong ya yona ya kgethollo. 
Re atlehile ho kopanya lenanethuto le le leng le tlhahlobo, palo e ngatanyana ya ba ngotseng ba pasitseng materiki, le ho lemoha hore thuto e bile e kgotsofatsa ditlhoko tse fetang tsa motho ka mong – le hore moruo ohle o itshetlehile tsebong eo thuto e fanang ka yona.
Materiki efela e le mararane.
Baetapele ba rona ba kgobokanang mona Leeuwenhof ke ba hlwahlwa ka ho fetisisa ka ntle ho qeaqeo, ba fihleletseng bokgabane ka ho fetisisa, le ba lokelwang ke tlotla eo Provense ena e ka e kgonang.
Empa leha ho le jwalo, menahano ya rona e fetela le ho 71% ya setjhaba seo ka dilemo tse 20 se sa kang sa qeta thuto ya sekondari, palo e ka bang 80 000 ba ileng ba etsa Kereiti ya 1 le wena ka dilemo tse 12 tse fetileng ba sa kang ba ba ba ngola tlhahlobo ka 2004 hobane ba tlohetse sekolo hara nako, esita le ba bangata ba ngotseng, empa ka lebaka la kgetho ya thuto le kereiti, ba na le disetifikeiti tsa materiki tse ke keng tsa amohelwa ke moruo kapa thuto e phahameng.
Materiki e mararane le ho feta hobane o le fensetere ya lebenkele la rona. 
Setjhaba se metha bokamoso ba rona ka tshebetso ya lona. 
Ba theha tshepo ya bona ho boiketlo ba hao. 
Ba theha tshepo ya bona ho  bokamoso ka ho tsetela ha rona ho tshebetso ya thuto e amanang le nako ena ya keteko. 
Hape e, karolo e kgolo ka ho fetisisa ya bajete ya naha le provense e ya ho thuto. 
Selemong sena feela, ho baballa kgiro ya barupelli ba 2000, re ile ra lokela ho fetisa ditjhelete mesebetsing e meng ya provense ho ya thutong
Re lokela ho matlafatsa letsete la rona ho dikolo tse futsanehileng e le hore ka palo e eketsehileng, tekano ya thuto e a utlwahala, ka tumelo e tiileng ho bokamoso sekolong ka seng sa makeishene.
Ka bohlokwa bo fetisisang, Letona Dugmore le Superinthendente-Kakaretso, re na le sebetsa se matla sa ho hlahisa Mokgwa wa Mehlodi ya Basebetsi ho netefatsa letsete lena lohle. 
Re lokela ho hlahisa barutwana ba materiki ba tiileng ho makgabane a bona, ba ipabotseng ka diphetho tsa bona, ba tshwanelehang moruong, ba tshepahalang setjhabeng sa bobona, mme ba nang le molemo ho botho.
Sena ke seo kajeno re tlileng mona ho se keteka. 
Le emetse tshepo ena jwalokaha re aha Lehae la Rona Bohle. 
Re keteka diphihlello tsa lona hobane le itetse la sebetsa ka thata, batswadi ba lona ba itetse mme ba le boloka le le sekolong, mme setjhaba sa lona se itetse mme sa tsetela bakeng sa bokamoso ba lona.
Ba bangata ba a qeaqea ka boleng ba ho keteka diphihlello tsa materiki ka ho tadima mararane a yona le taba ya hore e ka nna ya hlahisa ditlamorao tsa tshebetso ya kgethollo. 
Ke wena feela ya ka hlolang sena ka ho itela ka matla le ho itlama ka sehlahlo bakeng sa ho aha Lehae la Rona Bohle, le sa kgetholleng morabe le nang le tekano haholwanyane. 
Hona ho lokela ho bontshwa dikgethong tsohle tseo o di etsang ho tloha jwale ho tswela pele.
Ho fihlela hona jwale o ne o tshwanela feela ho kgetha ka moo o tla sebetsa ka matla ka teng. 
Setifikeiti sa hao se o thusa le ho o tlama ho etsa diqeto le dikgetho mabapi le mofuta wa motho eo o batlang ho ba yena le mofuta wa bophelo boo o batlang ho bo phela.
Diteboho le ditakaletso tsa mahlohonolo.
<Doc06>
Boikemisetso ba Botsamaisi ba Tshebetso ya Dikgokahano tsa Mmuso ka 2010 ke ho:
potlakisa phihlello ya sepheo sa mokgwa wa dikamano bakeng sa Mohope wa pele wa Lefatshe wa FIFA mona Afrika 
sebedisa monyetla o ikgethang ho hlahisa le ho theha kopano le motlotlo hara baahi ba Afrika Borwa
kgothatsa batjha ba rona
rekisa naha ho lefatshe
theha maikutlo a dikamano a thusang ho sebedisa monyetla ona ho potlakisa ntshetsopele le ho eketsa menyetla
aha kopano ya Afrika.
Hona ho tla fihlellwa ka:
ho fana ka boetapele le tshebedisano bakeng sa dikamano tsa mmuso bakeng sa Mohope wa Lefatshe wa 2010
ho aha kopanelo ya batho ba buisanang ba setjhaba le poraefete ho feta mekga ya dithuto, esita le ho hatella ditumellano le batho ba buisanang ka hara kontinente esita le ka thoko, e le hore ka kopanelo naha le kontinente di nke monyetla ona wa bophelo wa dipuisano tsena 
ho phethahatsa ditshebetso tsa motheo tsa dipuisano tsa mmuso bakeng sa Mohope wa Lefatshe wa Bolo wa 2010.
<Doc07>
Melawana ya Naha ya Sephethephethe Mebileng e fetotswe ho ntlafatsa boipoloko mebileng
POLOKWANE: Melawana ya Naha ya Sephethephethe Mebileng e fetotswe. 
E bitswa Phetolo ya leshome le metso e supileng mme e matlafetse ka phatlalatso.
Lefapha la Mebila le Dipalangwang  le tsebisa bakganni ba makoloi ka diphetoho tseo eleng:
Makoloi a matjha a ngodisitsweng kamora 01 Phato 2010 a lokela ho ba le dinomoropolata tse kentsweng ka dipoporebete kapa dikurufu.  
Haeba e ke ke ya kenngwa koloing e lokela ho kenngwa ka borakete bo ananelwang ke SANS 973. 
Phetoho ena e tla fokotsa ditlolo tsa molao le ditlolo tsa melao ya tsela ka bakganni ba makoloi ba tlosang ka bobebe dinomoropolata e le hore ba se ke ba fumanwa. 
Ha ho na ba bobebe ho tlosa nomoropolata le ho e kgutlisetsa kamora ho etsa tlolo ya molao ka hobane hoo kamehla ho tla baka keketseho ya ditefello. 
Nomoropolata e entswe ka aluminiamo e leng ho tla etsa hore ho be boima hore e tjhe hore e se ke ya tsejwa nakong ya ketsahalo ya kotsi.
Ho tloha ka 1 Hlakola 2011 batho ba fumanang dilaesense tsa ho kganna tsa khoutu ya C, C1, EC kapa EC1 ha ba na dumellwa ho kganna koloi e batlang laesense ya khoutu ya B kapa khoutu ya EB (ka mareo a kgale, motho ya nang le laesense ya khoutu ya 10, 11, 13 kapa 14 a ke ke a kganna koloi eo ka yona a tshwanelang ho ba le laesense ya khoutu ya 08).  
Hona ho tla sebetsa feela ho beng ba dilaesense tse ntjha. 
Bomaithutwane ba bakganni ba bangata haholo ba etsa kopo ya ho fumana dilaesense tsa dikoloi tse kgolo ho fapana le makoloi a bobebe e le hore ba tsebe ho qoba diteko tsa ho emisa o bapile le koloi e nngwe jwaloka mohlala. 
Nnete ke hore hang ha ba fumane dilaesense tsa bona tsa makoloi a boima, ba kganna makoloi a bobebe ao ba sa tlwaelang ditaolo tsa ho kganna tsa ona mme ba qetella ba bile ka hara dikotsi. 
Ho bile ho lebeletswe hore bakganni bao bohle ba fumaneng dilaesense tsa ho kganna makoloi a boima ba lokela ho ba le Mangolo a tumello ya ho kganna a Seprofeshenale empa dipalopalo di bontsha ntho e nngwe e fapaneng le hona. 
Hona ho paka hore bakopi ba ne ba batla dilaesense tsa ho kganna makoloi a bobebe eseng tsa makoloi a boima.
Disebediswa tsa Taolo ya Botsitso bakeng sa dibese tse nyenyane le tse kgolwanyane di hlahisitswe ka tsela ya tshebetso ya disetifikeiti tseo e leng karolo ya teko ya tokelo mmileng.  
Di sebetsa ho dibese tsohle tse nyenyane le tse kgolwanyane eseng feela makoloi a hlahisitsweng a matjha. 
Monnga koloi ya ngodisitsweng kapa moemedi o lokela ho tlisa foromo e tlatsitsweng ka tshwanelo ya DSCD seteisheneng sa diteko. 
Sesebediswa sa Taolo ya Botsitso ke sesebediswa se thibelang hore thaere e arohane le reme ya yona ha thaere e phatloha ha koloi e ntse e tsamaya.
Phetoho ya Molawana wa 332 e ne e phatlalatswe mme e fana ka lenane la bopaki ba diteko tsa phefumoloho tse ka sebediswang ho bokella disampole tsa bopaki ba phefumoloho mme setifikeiti se nehelanweng ke mohlahisi kapa mofepedi se ka sebediswa e le bopaki ba dinyewe, ka tlhahiso feela ya sona. 
Phetoho ena e arabela taba e ileng ya hlahiswa malebana le ho ba molaong ha diteko tsa phefumoloho ho ya ka karolo ya 65(7) ya molao wa Naha wa Sephethephethe Mebileng, wa 1996 mme e kgema le SABS 1793 mme e ka sebediswa ho netefatsa motswako wa tahi ka hara moya wa phefumoloho. 
Tsena tse latelang ke disebediswa tse kgethilweng:
"Hona ke monyetla o mongatanyana nakong ya menyaka ka hore o eketsa ho kgothala ho mekutu ya rona ya ho lwantsha ho kganna o tahilwe mebileng ya rona ", ho rialo MEC wa Ditsela le Dipalangwang, Pinky Kekana.
<Doc08>
Ditshebeletso tsa Bophelo tsa Boimana (Pele ho tlhaho) 
Banana le basadi ba baimana ba fetiseditswe ditshebeletsong tsa pepiso kapa Diyuniti tsa Pepiso tsa Tlhokomelo ya baimana (MOUs) dibakeng tsa makeishene, le ditleliniking tse potolohang kapa tse tsepameng dibakeng tsa mahaeng. 
MOUs ke diyuniti tsa pepiso tse laolwang ke bapepisi ka hara setjhaba bakeng sa bakudi ba hlokang tlhokomelo e hlokolotsi ya bophelo. 
Ho molemo hore bomme ba baimana ba hlophisetse ketelo ya bona ya pele tleliniking pele ho diveke tse 20 kapa kapele kamora moo.
Mme o hlahlojwa ka botlalo esale pele le ho kgothatswa ha a fihla lekgetlo la pele bakeng sa ketelo ya hae ya pele ya nako ya boimana, e tsejwang hape ka hore ke ketelo ya peheletso. 
Boimana bona bo lekolwa ka diketelo tsa kamehla.
Bophelo ba mme le bona bo lekolwa ka hloko. 
O tla bekgwa, ho hlahlojwe kgatello ya hae ya madi ebe ho etswa teko ya moroto. 
Haeba ho se na mathata, o lokela ho kgutlela hape bakeng sa ketelo ya hae ya pele ya tekolo kamora dibeke tse pedi bakeng sa diphetho tsa diteko tse nkilweng nakong ya ketelo ya hae ya peheletso.
Kamora mona, o lokela ho kgutlela tleliniking ka diveke tse ding le tse ding tse tsheletseng ho fihle a diveke tse 28, jwale e tla ba ka diveke tse 34, ho tloha moo ebe ka moo ho boletsweng ke tleliniki/basebetsi ba MOU (bokgafetsa ba diketelo bo ka fapana ho tloha sebakeng se itseng ho isa ho se itseng).
Bomme ba baimana ba a lekolwa bakeng sa dikotsi tse ka hlahang bophelong ba bona esita le bophelo ba senamane. 
Batjha ba banana le basadi ba dilemo tse fetang 35 ba immeng ba nkuwa e le maemo a kotsi e phahameng. 
Hona ho bolela hore ba na le hona ho ba le mathata nakong ya boimana le peleho. 
Basadi ba immeng ba ka boela ba nkuwa ba le kotsing e phahameng haeba ba na le kgatello e phahameng ya madi, nalane ya ho se sebetse ka tshwanelo ha dijini, boimana bo iphetang le haeba ba ile ba buuwa jwaloka ho beleha ka ho sehwa. 
Bomme ba fumanweng ba le kotsing e phahameng ba fetisetswa pele ho ditleliniki tsa bakudi ba baimana ba ka ntle ho sepetlele dipetleleng tsa sekondari kapa tsa thuto e phahameng, moo dipatlisiso tse ding le ho hlahlobisa di tla phethahatswa. 
Bomme ba boimana bo nang le dikotsi tse phahameng ba eletswa ho etela ditleliniki tsa bakudi ba ka ntle ho sepetlele kgafetsa ka moo ho hlokehang ka teng.
Haeba o le moeti wa lekgetlo la pele sebakeng sa bophelo bo botle, o tla kotjwa ho tlatsa foromo mme ho tla bulwa foldara. 
Tlo le bukana ya hao ya boitsebiso, meriana efe kapa efe eo o e sebedisang le karete ya tleliniki kapa sepetlele, haeba o ne o ngodisitswe pele sebakeng seo. 
Boimana ba dikotsi tse tlase bo laolwa ho MOUs (diyuniti tsa pepiso tse laolwang ke babelehisi ka hara setjhaba bakeng sa bakudi ba tlhokomelo e phahameng ya bophelo) dibakeng  tsa makeishene, le ditleliniking tse potolohang le tse tsepameng tsa dibaka tsa mahaeng.
Boimana bo kotsing bo laolwa ditliliniking tse dipetleleng tse toropong le dipetleleng tse nang le ditsibi tse ngata tse fapaneng
<Doc09>
Lenaneo le Hokahaneng la Phepo
Lenaneo le Hokahaneng la Phepo (INP) le reretswe ho ntlafatsa boemo ba phepo ba batho bohle ba phelang provenseng ya Kapa Bophirimela. 
Ho na le dintlha tse ngata lenaneong lena.
Phepompe ke eng?
Phepompe ke bothata bo boholo ka hara Afrika Borwa mme ke sesosa se seng se seholo ka ho fetisisa sa malwetse le lefu la bana. 
Ho lekanngwa hore palo e ka bang 30% ya bana ba Afrika Borwa e sitwa ho hola hantle ka lebaka la phepo e sa lekanang dilemong tse qalang tsa bophelo ba bona.
Dijo tse sa lekanang, ho kula le kgatello ya kelello setjhabeng /dikotsi mmeleng ke mabaka a maholo a potlakang ho baka phepompe. 
Bofutsana le ho hloka mehlodi ya bophelo ke mabaka a motheo a bakang phepompe. 
INP e leka ho sebetsana le sewa sena se kgutsitseng ka mekgwa e mengata.
Dijo tsa tlatsetso tsa bana
Boemong ba tlhokomelo ya motheo ya bana ya bophelo bo botle, bana ba lekotsweng mme ba fumanwa ba sa fetjwe ka tshwanelo (hona ho kenyeletsa bana le batswadi ba nang le tshwaetso ya HIV le lefuba ba tla fuwa dijo tsa tlatsetso tse kenyeletsang phofo ya poone e matlafaditsweng le seno se nang le eneji e phahameng. 
Dijo tsa tlatsetso di fuwa bareki ba ikgethileng ho ya ka dipehelo. 
Basebetsi ba bophelo bo botle ba bile ba fana ka kgothatso, dintlha le thuto mabapi le dijo tse loketseng bophelo le mokgwa o loketseng bophelo ka ho fetisisa wa ho pheha dijo. 
Ditsebi tsa dijo di fana ka ditshebeletso tse ikgethileng setjhabeng.
Ho antsha
Ho thusa ho lwantsha ho se fetjwe ka tshwanelo matsatsing a pele a boseeng, basebetsi ba bophelo bo botle ba kgothaletsa basadi ho antsha bana ba bona ka ho qolleha ho fihlela dikgweding tse tsheletseng mme kamora moo ba nne ba tswele pele ho antsha hodima ho qala ho sebedisa dijo tse tshwanelehileng tsa tlatsetso, ho fihlela ngwana a le dilemo tse pedi.
Mekgwa e meng ya phepo ho buisanwa ka yona le bomme ba nang le tshwaetso ya HIV. 
Sepetlele sa Vredendal le Setsi sa Baimana sa Groote Schuur ke dipetlele tse hlwahlwa tsa bana ka hara provense ho ya ka Mekutu ya Sepetlele se hlwahlwa sa Bana.
Tekolo ya kgolo
Bana bohle ba bekgwa kgafetsa e le karolo ya lenaneo la tekolo ya kgolo, sesupo se hlwahlwa sa hore na ngwana o a hola kapa tjhe. 
Boima bo kenngwa Kareteng e lebisang bophelong. 
Mabaka a bakang tahlehelo ya boima a tadingwa jwaloka malwetse a tshwaetsang, kgaello ya dijo lapeng le ho se tsotellwe ha bana. 
Malwetse a tshwaetsang a bapala karolo e kgolo bakeng sa phepo e fokolang mme malwetse ana a phekolwa boemong ba tlhokomelo ya bophelo ya motheo. 
Bohloko ba letshollo bo amanngwa haholo le maemo a fokolang a tikoloho ya bophelo bo hlwekileng (tsamaiso ya dikgwerekgwere le phepelo ya metsi) le phepo e haellang kapa e fokolang ya lesea, eo kgabareng e mo etsang hore a be le hona ho hlaselwa ke letshollo le matla la nako e telele.
Phediso ya bofutsana
Malapa a hlasetsweng ke bofutsana a a hlwauwa ebe a lebiswa ho le leng la mananeo a mmuso a phediso ya bofutsana. 
Tshireletso ya dijo tsa lelapa e sebetswa ka kopanelo ya mekga mme ho fanwa ka dithuso tse tshwanelehang le tshehetso.
Divithamine tsa tlatsetso
Kgaello ya dimatlafatsi tse nyenyane tsa taolo ke karolo ya bohlokwa ya tshebeletso. 
Dimatlafatsi tse nyenyane ke dihlahiswa tsa tlhaho jwaloka divithamine le diminerale, tse fumanwang ka tekanyo tse nyenyane ka hara dijo mme di molemo haholo ho baballa bophelo bo kwenneng. 
INP e fana ka tlatsetso ya Vithamine ya A ho bana ba amehang. 
Bana ba se nang Vithamine ya A ba fokollwa ke boima, ba hloleha ho hola ka tshwanelo mme ba na le hona ho amohela ditshwaetso habobebe le ho bolawa ke tsona. 
Kgaello ya Vithamine ya A e bile e senya leihlo mme ke se seng sa sesosa sa bofofu ho bana.
Bana ba nang le boima bo fokolang tlhahong ba fuwa dikhepsolo tsa Vithamine ya A, e leng tse tsoseletsang masole a mmele mme di thusa ka tswelopele ya kgolo ya ngwana. 
Masea a dikgwedi tse 6-11 a fuwa mothamo o le mong wa Vithamine ya A (100 000 IU) ho thibela bolwetse bo matlafetseng. 
Bana ba ho tloha dikgweding tse 12 ho isa dilemo tse hlano ba fuwa mothamo o le mong wa 200 000 IU dikgweding tse 12 mme ebe mothamo wa 200 000 IU ka dikgwedi tse ding le ding tse tsheletseng ho fihlela dilemong tse hlano.
Methamo e ekeditsweng ya Vithamine ya A e fuwa bana ba phepo e fokolang haholo, kapa ba nang le malwetse a phehellang a tshwaetsang jwaloka letshollo, mmoko  kapa tshwaetso ya HIV.
Phediso ya dibokwana
Boima bo fokolang ba bana bo ka bakwa hape ke ho hlaselwa ke diboko mme hona ho ka phekolwa tliliniking ka ho sebedisa meriana ya phediso ya dibokwana.
Keletso ya phepo e ntle bakeng sa maemo a itseng
Thuto ka phepo e ntle, dintlha le kgothatso di fanwa maemong ohle a tlhokomelo ho batho ba ileng ba hlaselwa ke seterouku, ba nang le kgatello e phahameng haholo ya madi, kgatello e phahameng ya madi, lefu la tswekere, HIV/AIDS le Lefuba.
Lenaneo le qalang la phepo e ntle la sekolo
Lenaneo le qalang la phepo e ntle la sekolo le fumaneha dikolong tse hlwailweng ka ho qolleha la dikolo tsa thutamoruo. 
Ditshebeletso tsena di sebetswa ha jwale hammoho le Lefapha la Thuto. 
Mmuso wa provense o rerile ho fihlella bana ba 125, 000 dikolong tse 847 tsa poraemari ka hara provense ka 2004 ka lenaneo la ona la phepo dikolong.
Dijo ka hara diinstitjushene
INP e bile e thusa tlhokomelo ya institjushene ya bareki ka ho sebedisa tshebeletso ya dijo bakeng sa phano ya phepo e lekaneng.
Ditaelo:
Baeti ba lekgetlo la pele mona tleliniking/sepetlele sa sekondari kapa sepetlele sa thuto e phahameng ba tla kotjwa ho tlatsa foromo mme foldara e tla bulwa bakeng sa mokudi. 
Tlisa bukana ya hao ya boitsebiso. 
Lengolo la phetisetso le tswang tleliniking le tla hlokeha ha o etela sepetlele. 
Dipetlele di tla o kopa sephephetjhana sa hona jwale sa tefo ya moputso/tlhahlobo ya lekeno (IRP5).
O tle le karete ya hao ya sepetlele haeba o se o kile wa ngodisa sepetlele.
<Doc10>
Puo ya Motlatsi wa Letona la Mesebetsi ya Setjhaba, Monghadi Ntopile Kganyago, MP, ketsahalong ya kgakolo ya pele ya Lenaneo la Bohare ba Motsemoholo wa Tshwane, Moaho wa Banka ya Resefe ya Afrika Borwa, Tshwane
Baofisiri ba bang ba baholo ba mmuso
Bomme le bontate ba diphatlalatso
Baeti ba kgethehileng
Qeto e nkilweng ke Kabinete ka 1997 ho kgothaletsa mafapha a mmuso wa naha ho etsa bohare ba motsemoholo wa Tshwane lehae la ona ke pontsho ya ponelopele e molemo; ka nako eo le hona jwale. 
Sephetho ke moralo o hlophisitsweng hantle ho amanya tlhabollo ya metsemeholo ya rona bakeng sa pitso ya mmuso ya ntjhafatso ya ditoropo le mekutu ya ntshetsopele ya dibaka e etseditsweng ho hodisa tumelo e ikamahanyang le ditokelo tsa botho, bodulo bo amohelehang, ntshetsopele ya moruo le kgokahano ya setjhaba.
Kajeno ha e le mona re phethola lejwe la pele ho nnetefatsa ponelopele eo, re bile re keteka leeto leo re le tsamaileng ho tla fihla kajeno. 
Dipuisano tse hlwahlwa tse tsejwang ka ho tshwana ka dingangisano tse hlwahlwa mabapi le ditlhoko kapa menyetla ya kgetho e buletsweng mafapha a mmuso ho ya ka moo tikoloho ya tsona ya sebopeho sa tlhaho e leng ka teng ha di a re sitisa maikemisetsong a rona a sethatho, e leng ho ntlafatsa sebopeho sa tikoloho ya tshebetso ya mafapha a mmuso ka hara bohare ba motsemoholo wa Tshwane.
Ka yona nako eo re lokela hore re etse diphehiso bakeng sa ntjhafatso le ho hlabolla bohare ba motsemoholo. 
Sepheo se seng leha se se senyenyane hakaalo se kenyeletsa thahasello ya ho hapa matsete a mokga wa poraefete, ho ntshetsa pele sebopeho sa Tshwane jwaloka motsemoholo wa bohlokwa mona Afrika le ho phahamisa matlafatso ya moruo wa batho ba batsho. 
Mmuso ke monnga thepa e moholo ka ho fetisisa mme o hara baetapele ba batsetedi moruong wa mmuso wa selehae haholoholo ka Ditoropong tse kgolo tsa Johannesburg le Tshwane mane Gauteng.
Mafapha a hloka sebaka sa tshebetso le sa ofisi ho fihlella merero ya tlhahiso ya phano ya ditshebeletso tsa setjhaba bakeng sa ho phethahatsa thomo ya ona. 
Ke tsebo e tlwaelehileng hore meaho e mengata ya mmuso e ka hara mokgahlelo wa ho tloha ho o lokileng ho ya ho o lekaneng feela kgahlano le ho ipabola ho ya ka maemo a yona.
Dintjhafatso, dintlafatso le ditokiso di tla etella pele ditshenyehelo mme di phehise bakeng sa karolo ya BEE ya Tshebetso ya Bohare ba Motsemoholo wa Tshwane.
Ka selemo le selemo, mmuso wa naha ka Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le sebedisa tjhelete e fetang diranta tse dibilione tse pedi (R2 biliyone) ho lefa kgiro le ditefello tse ding tse amehang tsa bolaodi ba thepa jwaloka direiti le ditshebeletso, naha yohle, molemong wa mokga wa poraefete le mmuso wa lehae. 
Ka ntle ho phetoho, e ntse e le bona baamehi bona bao ba lebeletsweng ho etella pele tshebetso ya tlhabollo ya moloko wa bohare ba motsemoholo wa Tshwane, ka kgonahalo ya ho ba le seabo ha Mmuso wa Provense wa Gauteng ka ditshebetso tse kgolo tsa matsete jwalokaha di kgothaleditswe ke Boemedi ba Ntshetsopele ya Moruo Gauteng (GEDA).
Boemong ba Lenaneo la Bohare ba Motsemoholo wa Tshwane, leo ho tloha jwale le tla tsejwa e le "Re Kgabisa Tshwane" le sehloohwana sa "Sebaka se betere sa ho sebeletsa", kgatello e tla ba kgolo ho batho (basebeletsi ba setjhaba le setjhaba), jwalokaha e tla ba ho dibaka tseo ba dulang ho tsona kgabareng ya tlhahiso le ho amohela ditshebeletso tsa bohlokwa tsa setjhaba. 
Ha a ne a phatlalatsa Lenaneo la Tshebetso la mmuso la 2004, Mopresidente, Monghadi Thabo Mbeki o ile a ipiletsa ho mafapha a naha a Mesebetsi ya Setjhaba hammoho le Tshebeletso ya Setjhaba le Botsamaisi hore ka kopanelo a etelle pele tshebetso ena e le ho ntlafatsa sebopeho sa tikoloho ya tshebetso ya mafapha a mmuso le basebeletsi ba setjhaba. 
Dikaho tsa motheo tsa setjhaba ke enjine ya tlhahiso ya tshebeletso mme bahlanka ba mmuso ke petrolo e sututsang enjine le ho e etsa hore e dume kapele haholwanyane, ka tshwanelo le ka matla
Nakong ya tekolo ya ditlhoko tsa tshebetso, basebetsi ba bangata ba mmuso ba ileng ba botswa, bo tobokeditse molemo wa ho ba le dibaka tse ntle tsa tshebetso, tse tshwanelang mosebetsi wa bona mme tsena di kenyeleditse ditokoloho tsa ka hare le ka ntle mme ke ka hona ho hlokehang ho kgema hammoho le Metro wa Tshwane, e nang le boikarabelo bakeng sa dintlha tse ngata tsa bolaodi ba dintlha tsa metse ya ditoropo tse jwaloka sephethephethe, bohlweki, polokeho, tshireletso le bonono.
E re ke sebedise monyetla ona ho leboha bolaodi ba Tshwane le boetapele bakeng sa tjhebelopele ka ho amohela tshebetso ena ka ho e kenyeletsa ka ho otloloha ka hara Merero e Hokahaneng ya Ntshetsopele. 
Hantlentle Memorandamo wa Kutlwisiso (MOU) oo re tla o kenela kamora nako e kgutshwanyane hona kajeno pakeng tsa lefapha la naha la Mesebetsi ya Setjhaba le Motsemoholo wa Metro ya Tshwane, ke bopaki ba hore re na le boemo bo tshwanang boo re tlohang ho bona. 
Ena ke tiiso ya boikemisetso ba ho sebetsa hammoho bakeng sa mekutu le ditshebetso tse leng molemo ho ba babedi ba leng selekaneng.
Molaetsa wa rona ho lona kajeno ke hore "mosebetsi o qadile" mme dilemo tse latelang tse 10 di tla tlisa phumano ya ho feta diranta tse dibiliyone tse robedi (R8 biliyone) ke lefapha la naha le mokga wa poraefete ka dibajete tsa kapitale, dintlafatso tsa kgiro le dilekane tsa setjhaba le tsa poraefete. 
Ho ya ka Bolaodi ba Lenaneo, Komiti ya Taolo e theilwe pakeng tsa Lefapha la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso, Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba, Bolaodi ba Ditjhelete tsa Naha le Motsemoholo wa Tshwane. 
Hara tse ding, Komiti e tla etella pele lenaneo, e okamele le ho lekola tshebediso, e qetelle mokgwa wa thuso ka ditjhelete le ho etsa bonnete ba tshebediso e hokahaneng. 
Lefapha le hirile Monghadi Dumisani Dlamini jwaloka Motlatsi wa Molaodi-Kakaretso ya ikarabelang bakeng sa bolaodi ba lenaneo lena lohle.
Ke a leboha.
<Doc11>
Mofumahadi Molaoladipuisano, Motlotlehi Tonakgolo, Bomphato ba Kabinete, Ditho tsa Ntlo, Baeti ba hlomphehileng, bahlanka ba lefapha la matlo, ditho tsa bophatlalatsi le setjhaba ka kakaretso, kamohelo e mofuthu.
Mantswe ana bomme le bontate a senola dipolotiki tsa Afrika Borwa, haholoholo Kapa Bophirimela. 
Ho sa natswe kamoo batho ba naha ena ba itetseng le ho rata tswelopele ba sebetsang ka thata ka teng, boikemisetso ba batho ba bang hangata ke ho kgella tlase mosebetsi o motle o entsweng ke mmuso ona o tsotellang ka nako e kgutshwanyane eo ka yona o bileng ofising.
Bomme le bontate, batho ba bangata ba ile ba ngangisana ka seo matlo kapa bodulo bo leng sona, empa ntumelleng ho le fa lehlakore le leng.
Ho nna, ntlo ha se feela tshireletso. 
E ama batho ka bobona ka ho ba le boikarabelo bakeng sa ho baballa tikoloho ya bona e tshwanang le ho bopa bokamoso ba bona.
E mabapi le ho theha ditjhaba tse sebetsang le ditikoloho tse tshwarellang tsa ho phela. 
E mabapi le tswelopele ho ya ka kopano ka tshebeletsano ya selekane pakeng tsa mokga wa poraefete, mokga wa setjhaba, Mekgatlo eo eseng ya Mmuso, empa ho molemo ka ho fetisisa, ke ditjhaba.
Bodulo ho nna bo ka hlaloswa hantle ka ho fetisisa e le ntho e tswellang, e amang ho etsa moralo le batho kgahlano le ho etsa moralo bakeng sa batho. 
Afrika Borwa, bodulo ha se sehlahiswa feela empa ke ntho e tswelang pele e theilweng hodima makgabane a demokrasi ao batho ba naha ena ba a lwanetseng ka thata.
Ke tselatshebetso e tswelang pele e mamelang batho, e dumella batho ho sebedisa tokelo ya bona ya demokrasi ho kgetha mofuta wa ntlo le  dibaka tseo o batlang matlo a bona a ahwe ho tsona.
Ka tsela e jwalo, ha ho na ntho e nyenyefatsang botho le ho se kgeme le demokrasi ho feta ho tima batho tokelo ya bona ya bohlokwa ya ho iketsetsa kgetho. 
Ho fapana le nako ya puso ya kgethollo, jwaloka mosebeletsi wa setjhaba, batho ba bohareng ba ponelopele ya mokgwa le tlhahiso ya ka ya matlo kapa bodulo.
Bomme le bontate, ke a thaba thapameng ena ho le hlahisetsa puo ya ka ya bobedi ya bajete jwaloka Letona la Matlo la Provense. 
Ke bile ke motlotlo ka ho hlahisa puo ena ya bajete letsatsi pele ho Sehopotso sa dilemo tse 10 sa demokrasi ya rona.
Ho na le bopaki bo tshwarehang ba hore mmuso o eteletsweng pele ke ANC o fihleletse tse kgolo ka nako e ka tlasenyana ho dilemo tse leshome tsa puso ya demokrasi ho feta ka moo naha efe kapa efe e kileng ya etsa lefatsheng lohle. 
Sisebenzile – Re fihleletse.
Ka bopaki ba nnete, ka hara menyetla e 1.4 miliyone ya matlo eo mmuso o e hlahisitseng, ke motlotlo ho phatlalatsa hore provense ya rona ka dilemo tse robong tse fetileng e ile ya hlahisa diyuniti tse 167 000, e leng 11% ya karolo ya naha. 
Hona, ho ya ka maikutlo a ka, ke tshebetso e ipabotseng maemong afe kapa afe.
Ke rata ho hlahisa hore selemo se fetileng se ne se tletse diphephetso, tse ileng tsa thefula tlhahiso ya matlo ka hara naha yohle, le ka hara provense ka ho qolleha.
Diphephetso tsena di bile teng ka lebaka la tlhahiso ya ditaelo tsa leano le letjha le ditlhophiso tse ding jwaloka nyehelo ho mojalefa ya R2 479 le tlhahiso ya Tshebeletso ya Naha ya Tiisetso ya Ngodiso ya Baahi ba Matlo mabapi le matlo a tsheheditsweng ke mmuso.
Dipehelo tsena ha di a rerelwa ho fokodisa tlhahiso empa ho etsa bonnete ba hore batho ba rona ba fumana matlo a boleng empa a ka kgonang ho lefellwa. 
Maemo a ho ithuta ao re leng ho ona ha re sebedisa maano ana a fokodisitse tlhahiso.
Ho  etsa hore dintho di mpefale le ho feta ebile taba ya hore lefapha la ka le sebeditse ka ntle ho Molaodi e moholo ka dikgwedi tse robong. 
Hona ho sitisitse tswelopele haholo. 
Ke se ke hirile, Monghadi Seth Maqethuka, moahi ya tswaletsweng le ho holela Cape Town ya nang le boiphihlelo ba mmuso wa naha le wa lehae, eo ke ratang ho mo thoholetsa le ho mo amohela le hoja ke se ke ho entse ka makgetlo a mangata hakana.
Le ka ntle ho diphephetso tsena tsohle le dikgaello, ke motlotlo ho phatlalatsa ho batho ba rona hore lefapha la ka le kgonne ho sebedisa R348 miliyone, e leng 92% ya tjheletekabo ya matlo ho Kapa Bophirimela. 
Tse ding tsa diprovense di sebedisitse feela 52% ya bajete ya tsona.
Hona ho qeteletse ka ho dumellwa ka bonyane dithuso tsa matlo tse 25 000. 
Malapa a futsanehileng a mangata a tla fumana monyetla wa ho thabela ditholwana tsa demokrasi ya rona. 
Bomme le bontate bana ba emetse keketseho e bonahalang ya diyuniti tse 3000 ha ho bapiswa le selemo se fetileng.
Mabapi le sena, ke rata ho tsebisa seabo sa bohlokwa se hlahisitsweng ke bommasepala ka hara provense ya rona. 
Ka ntle le boitelo le mosebetsi wa bona o motle, re ne re sa tlo kgona ho reka.
Ka tsela e tshwanang, ke rata ho thoholetsa Motsemoholo wa Cape Town ka ho sebedisa palo e ka bang 70% ya bajete ya rona. 
Ha ke lebale bahlanka ba ka, ka mosebetsi wa bona o thata, le nyehelo ho ponelopele ya rona ya ho etsetsa setjhaba matlo.
Bomme le bontate, ha ke na ba le nnete ho ditaelo tsa letswalo la ka haeba ke hlahisa feela setshwantsho se kgahlehang sa tshebetso ya tlhahiso ya matlo. 
Ho ntse ho na le dikgeo tse saletseng morao tshebetsong ya rona ya tlhahiso. 
Ho fihlela jwale, re ntse re tshwanela ho ntlafatsa dintlha tsena tse latelang tse potlakileng:
Bongata ba matlo a rona ha bo so ikamahanye le phetoho ya leano – ho tswa ho bongata ba matlo ho ya ho boleng ba matlo.
Re sa ntse re lokela ho fetola tshebetso ya tlhahiso ya matlo ho tloha ho phano ya tshireletso ho ya ho tlhahiso ya matlo a tshwarellang, a loketseng batho.
Re lokela ho fetola seabo sa majalefa ho tloha ho seabo se hlokang ketso, ho ya ho seabo se nang le ketso.
Re lokela ho fetola menahano ya batho ba rona e le hore ba qalelle ho tadima matlo a tsheheditsweng ke mmuso e se dihlahiswa feela empa e le matlotlo.
<Doc12>
MESEBETSI YA MOKGA WA SEPOLESA
Mme le ngwana ba ile ba phomola haholo moyeng ha lesea la matsatsi a 16 , e leng James Busakwe le boela le kopana le mmalona wa tlhaho ka la 7 Mmesa 2006. 
Bothata bona bo ne bo qale ha mmaea lesea James a fihla Sepetlele mane Klerksdorp ka la 6 Mmesa ho etela mora wa hae, yaba mooki o lemoha hore ngwana o filwe mosadi e mong, ya ileng a qosa hore ke yena mmaea lesea lena wa tlhaho ka letsatsi le fetileng.
Hang kamora hore sena se lemohuwe, baoki ba ile ba tsebisa Seteishene sa Maponesa sa Kanana, jwalokaha mosadi ya nkileng James a fane ka aterese ya Kanana. 
Aterese eo e ile ya hlahlojwa empa ha se be le katleho. 
Ha ho motho wa lebitso kapa tlhaloso ya mosadi eo ya neng a tsejwa atereseng ena.
Thapameng ya la 6 Mmesa,  Kanana CPF e ile ya tshwara kopano. 
Motshwaredi wa Mokomishenara o ile a tsebisa kopano ka ngwana ya utswitsweng mme a kopa e mong le e mong ho bula mahlo le ditsebe. 
Ka nako e ka bang 23:00 ka bona bosiu boo, e mong wa baahi ba setjhaba o ile a letsetsa maponesa ka dintlha tsa hore mosadi ya dulang karolong ya hae, ya neng a sa tsejwe a imme, kapele o se a na le lesea la moshanyana.
Maponesa a ile a latella dintlha tsena mme ka nnete ba fumana mosadi le ngwana. 
Basebetsi ba sepetlele ba ile ba bitswa mme kapele ba tseba ngwana enwa, esita le mosadi ya mo utswitseng sepetlele. 
Bopaki bo fapafapaneng, ho kenyeletswa le sefaha sa polasetiki sa sepetlele, di fumanwe ntlong ya mmelaellwa.
Mosadi o ile a tshwarwa mme ngwana ya sa tswang kotsi ya letho, o ile a kgutlisetswa sepetlele, moo a ileng a kopanngwa hape le mmae wa tlhaho hoseng ho latelang.
Diketso tsa ditho tsa setjhaba tse bileng le seabo ha ngwana a fumanwa, di lokela ho babatswa, jwalokaha di totobaditse boleng ba Sepolesa sa Setjhaba. 
Boleng ba Sepolesa ka Setjhaba ha bo sebediswa le ho baballwa ka nepo, ha bo a tshwanela ho halalwa le ka mohla.
Ntshetsang pele mosebetsi o motle oo, Kanana CPF!
Dumela Mofumahadi
Ke nahana hore e bile lehlohonolo kapa mohlomong lehlohonolo la bohlokwa hore ebe ke ile ka feta seteisheneng sa lona sa sepolesa mane Mondeor, mme ka tsela e jwalo ka fumana Jenale ya SAPS ya lona. 
Ke nahana hore e phatlalatswa hang ka kgwedi, mme ke ile ka fumana ho kgahlisa haholo ho e bala.
Nna le mofumahadi wa ka re sa tswa theha kgwebo e ntjha mme ke rata ho mema bohle kapa mang kapa mang wa basebetsi ba hao hore ha ba le sebakeng sa rona ba re etele ho tla nwa mahala kopi ya kofi kapa teye mme ka mohlomong re ka ba ra ja biskiti kapa tse pedi haeba di le teng.
Jwalokaha ke na le bonnete ba hore o tla utlwisisa, ho qala kgwebo e ntjha ha se ntho e bobebe, ke mosebetsi o mongata le tjhelete e ngata. 
Leha ho le jwalo, re ntse re dumela hore seponesa le mafapha ohle a qobello ya phethahatso ya molao a molemo haholo ho baahi bohle ba Afrika Borwa.
Hona ke ntho e nyenyane feela eo re ratang ho le fa yona ho le leboha bohle ka seo le ileng la itella sona ho etsa bonnete ba hore rona, baahi, re ka tswela pele ka bophelo ba rona ba letsatsi le letsatsi.
Re lebeletse ho utlwa, kapa mohlomong ho ka ba betere ho bona ba bang ba basebetsi ka yunifomo ba kena lebenkeleng la rona le lenyenyane mme re kgona ho ba tseba hantle.
Re boetse re a le leboha basebetsi ba qobello ya phethahatso ya molao ba Afrika Borwa, ka mosebetsi ohle wa lona o thata le boikitlaetso ho boloka Afrika Borwa e bolokehile.
Mangolo a makgutshwanyane a hlahisang dintlha feela a ka romelwa ka fekese kapa ka imeile ho Mohlophisi.
Re na le ditokelo tsa ho lokisa kapa ho kgutsufatsa mangolo.
<Doc13>
PITSO YA HO ETSA HO HONG
Ka la 14 Phupjane 2007, e nngwe ya diatikele ho Jenale ya Mehala ya SAPS (www.sapsjournalon-line.gov.za) e hlalositse ka moo bahlanka ba babedi ba sepolesa sa Welkom sa Karolo ya ho hlwaya makoloi ba ileng ba tshwarelwa bobodu le bomenemene ka teng.
Ho behwa hore batho bana ba babedi, mosuprenthendente le mohlahlobi, ba rekisitse dikoloi tse hapilweng ke mapolesa, molemong wa bona. 
Babelaellwa bana ba babedi ba hlahile pela lekgotla la dinyewe ka la 12 Phupjane mme nyewe e fetiseditswe letsatsing la 21 Phato 2007.
Letsatsi kamora moo, ka la 15 Phupjane 2007, dihlooho tsa Ditaba24 di boletse hore: "Maponesa a mabedi a tshwaretswe boshodu ba hlometse ". 
Nakong ena e ne e le moithutwana wa lepolesa le mohlahlobi bao ho behwang hore ba utswitse lebenkeleng la diaparo mane Marble Hall, ba utswa tjhelete, marikgwe le hempe.
Bobodu ba maponesa bo lokela ho fela. 
Ha ba bangata ba rona ba tshepahala, e le baahi ba sebetsang ka thata, ba mmalwa ba bahlanka ba sepolesa ha ba bontshe boitlhompho, tlhompho ya yunifomo ya bona kapa Melao ya Boitshwaro ya Seponesa. 
Nako e fihlile ya hore re tlose SAPS lekgetlo la qetelo kgahlano le dintho tsena tsohle tse mpe. 
Jwale o ka thusa ho hlahisa maponesa a nang le bobodu ka ho ba pepesa mohaleng o motjha wa ho pepesa botlokotsebe. 
Ka ho se tsejwe!
Haeba o belaela hore e mong wa basebetsimmoho le wena o rerile ntho e sa lokang, kapa haeba o tseba ka motho e mong, ekaba bahlanka ba sepolesa, ditho tsa lelapa, basebetsimmoho, baahisani kapa baditjhaba, ba amehang kapa ba rerang ho ameha diketsong tsa botlokotsebe, tsohle tseo o lokelang ho etsa ke ho romela SMS ho 32211.
Ena ke nomoro e ntjha ya mohala wa naha wa thibelo ya botlokotsebe e sa tswa kgakolwa ke Primedia mane Sandton. 
O ka romella SMS ho 32211 (ka tefello ya R1 ka nngwe) kapa o etele www.crime-line.co.za. 
Bangodisi ba kwetlisitsweng ba dintlha ba emetse ho fetisetsa dintlha ho mapolesa, ao ona a tla sebetsana le tsona ka potlako! 
Karolo e molemo ka ho fetisisa ke hore o tla dula o sa tsejwe. 
Jwale o na le matla a ho lwantshana le botlokotsebe ka ntle le ho ipeha tsietsing. 
Mekutu ya Primedia e tshepisa hore ha ho na ba le boipheto. 
Yusuf Abramjee, Mohokahanyi wa Primedia waTshebetso ya Thibelo ya Botlokotsebe, o ile a re: "Ha re batle lebitso kapa aterese ya hao haese feela ha o ithaopa ho re fa yona mme ha ho na hlokeha setatemente sefe kapa sefe kapa ho hlahella pela lekgotla la dinyewe. 
Seo re se batlang feela ke dintlha mabapi le ditlokotsebe e le hore mapolesa a tle a e sebedise."
Letsholo lena le letjha, la diranta tse dimiliyone tse ngata, la naha la thibelo ya botlokotsebe le ne le kgakolwe ke Primedia mane Sandton ka la 7 Phupjane 2007. 
Le theilwe hodima Tshebetso ya Matjhaba ya Bathibedi ba Botlokotsebe. 
Bathibedi ba Botlokotsebe ba ne ba qale Albuquerque, New Mexico, ka Lwetse 1976. 
Ke tshebedisano ka kopanelo pakeng tsa setjhaba, bophatlalatsi le mekgatlo ya kgatello ya phethahatso ya molao mme e ne e etseditswe ho fedisa botlokotsebe le ho boloka baahi ba bolokehile. 
Kajeno ho na le mananeo a ka bang 1 200 a Bathibedi ba Botlokotsebe ka lefatshe lohle ba sebetsang dinaheng tse 20 a sebedisang dintlha tse fanwang ke setjhaba ho thusa ho rarolla botlokotsebe. 
Ho ya ka CEO ya Primedia Ltd, Mong. William Kirsh, mananeo ana a thusitse hore ditlokotsebe tse 600 000!
Seo mohlanka ka mong wa sepolesa a lokelang ho se tseba mabapi le letsholo lena le letjha la thibelo ya botlokotsebe, ke hore e na le tshehetso e feletseng ya Letona la Boipaballo le Tshireletso, Mong. Charles Nqakula le Mokomishenara wa Naha wa SAPS, Mokomishenara Jackie Selebi. 
Mokomishenara Selebi o tshepisitse hore "jwaloka mokgatlo, re tla etsa tsohle tseo re di kgonang ho etsa hore tshebetso ena e phethahale." 
Potso ke hore o tla etsa eng ka yona? 
Tshehetso ya e mong le e mong e a hlokeha, eseng feela ho etsa ka potlako haeba o fumana dintlha tse tswang ho setsi sa mohala wa tsa botlokotsebe, empa hape ho bapatsa mekutu ena hohle moo o ka kgonang. 
Tsebisa batho, CPFs, dikolo, ba lelapa la hao le metswalle ka boikitlaetso bona. 
Etsa bonnete ba hore ba utlwisisa hore letsholo le tshepisa hore ha ho na se tla basala morao le hore ba tla dula ba sa tsejwe ho sa natswe eng kapa eng.
Hopola hore hona ha se mohala wa tshohanyetso. 
Batho ba ntse ba tshwanetse  ho tsebisa ka maemo ana a tshohanyetso ho 10111 kapa diteishene tsa bona tse haufi tsa sepolesa.
Ka letsholo lena la thibelo ya botlokotsebe, bophatlalatsi bo ile ba otlolla letsoho ho thusa sepolesa. 
Ba rata ho re thusa ho etsa Afrika Borwa hore e be sebaka se bolokehileng ho bohle. 
Kgakolong ya mokutu wa mohala wa tsa botlokotsebe, John Robbie, moamohedi wa lenaneo la hoseng la Dipuisano tsa Seyalemoya 702, o fane ka metjhini e 65 ya Sesebediswa sa Boitsebiso ho SAPS. 
Monghadi Robbie haufinyana o entse boipiletso ha a hlahella moyeng ho bamamedi ho fana mabapi le metjhini ena ya Sesebediswa sa Boitsebiso. 
Morekisi e moholo wa metjhini, Feisi Technoloji, le yena o ile a hlahella, a fokotsa theko ya metjhini, e leng ho ileng thusa dikhamphani tse ileng tsa nyehela tjhelete e lekanang motjhini o le mong ho reka e mmedi.
Primedia le John Robbie ha se bona feela ba hlileng ba thusang maponesa ho lwantsha botlokotsebe. 
Bala pale efe kapa efe e atlehileng ka hara Jenale ya SAPS kapa ho Jenale ya Mehala ya SAPS o tla bona ka moo dinyewe di ileng tsa rarollwa ka thuso ya ditho tsa setjhaba.
Ka letsholo lena le letjha la thibelo ya botlokotsebe le leng teng, ditlokotsebe, ho kenyeletswa le ba babedi ba nang le botlokotsebe ka hara tshebeletso, ba ka tseba ntho e le nngwe e le ka nnete ... matsatsi a bona a badilwe.
<Doc14>
ETQA mofani wa tshebeletso ya kananelo
Ditshebeletso tsa Mmuso wa Afrika Borwa
Kopo ho ETQA bakeng sa kananelo jwaloka mofani wa thuto le kwetliso
Tlhaloso
Melawana e sebetsang ho mekgatlo ya Nnetefaletso ya Boleng ba Thuto le Kwetliso (ETQA) tlasa Bolaodi ba Maemo a thuto Afrika Borwa (SAQA) e batla hore bafani ba thuto le kwetliso ba etse kopo bakeng sa kananelo ho ETQA. 
Ho ka ananelwa, bafani ba thuto le kwetliso ba lokela ho ngodisa ho ya ka molao o tshwanelehang. 
Molao mabapi le Thuto e Phahameng le Thuto ya Ntshetsopele o batla hore bafani bohle ba thuto le kwetliso ba fanang ka mangolo a feletseng a thuto ba ingodise ho Lefapha la Thuto.
Mofani wa thuto le kwetliso o lokela ho fana ka maemo a yuniti le/kapa mangolo a thuto a welang ka hara karolo ya pele e tadimilweng ya mokgatlo wa Nnetefaletso ya Boleng ba Thuto le Kwetliso (ETQA) wa Mokga wa Bolaodi ba Thuto le Kwetliso (SETA) kapa Mokgatlo wa Profeshenale.
Ditshwanelo tsa kananelo:
* Ditshwanelo tsa kananelo di boletswe ka hara tokomane ya sehlooho sa Mekgwa le Ditataiso tsa Bafani mme e a fumaneha ho webosaete ya SAQA.
* Mananeo (le/kapa ditekolo) a fanwang ke mofani wa thuto le kwetliso a qetella ka maemo a yuniti le/kapa mangolo a thuto a ngodisitsweng ho Moralo wa Naha wa Maemo a thuto (NQF).
* Lenaneo la thuto (moetso, dikateng le thepa ya ho ithuta) e ikamahantse le maemo a yuniti le/kapa mangolo a thuto.
* Ho na le basebetsi ba nang le mangolo a tshwanelehang (batsamaisi le bahlahlobi ba ngodisitsweng).
* Barutwana ba na le phihlello ya ditshebeletso tse lekaneng tsa tshehetso ya ho ithuta.
* Mekgwa ya tekolo le disebediswa tse sebedisitsweng ho lekanya ditshwanelo bakeng sa maemo a yuniti le/kapa mangolo a thuto a matle, tshwanelehang le ho tshepahala, mme a sebediswa ho hodisa thuto.
Dikgato tse lokelang ho latelwa
* Romela lengolo la boikemisetso ba hao ba ho ananelwa o le mofani wa thuto le kwetliso ho ETQA e tshwanelehang.
* Fana ka foromo ya boitekolo le foromo ya kopo ho ETQA.
* Haeba o sa fuwa kananelo mme o ikutlwa eka tshebetso e bile e sa kgotsofatseng, o na le tokelo ya ho etsa boipiletso.
* Lenane la ETQAs le dintlha tsa boikopanyo di fumaneha ho webosaete ya SAQA.
E ka nka dikgwedi tse ka bang 6.
Tshebeletso ke ya mahala.
Diforomo tse tlatswang
Diforomo tsa mofani tsa kopo ya kananelo le ditokomane tse amehang di ka fumanwa ho ETQA e tshwanelehang.
Dintlha tsa boikopanyo – Ka kopo etsa kgetho e le nngwe:
